tsa atamela ho Sorobabele le ho dihlooho tsa matlo a bontata Baiseraele, tsa re: A re keng re hahe le lona, etswe le rona re batla Modimo wa lona jwaloka lona, mme re ntse re o hlabela, haesale mohla Esare-Haddone, morena wa Assiria, a re falaleditseng kwano.
Baassiria ba ke ke ba re pholosa; dipere re ke ke ra di palama, mme mosebetsi wa matsoho a rona ha re sa tla o bitsa modimo wa rona, hobane ke ho wena kgutsana e bonang mohau.
Ba tla disa lefatshe la Assiria ka lerumo, ba dise le mahareng a dikgoro tsa lefatshe la Nimrode; mme yena o tla re namolela ho Moassiria, mohla a kenang naheng ya rona, mohla a tlolang meedi ya rona.
mme ho tla etsahala hobane bohle ba o bonang ba tla o balehela, mme ho tla thwe: Ninive o sentswe! Ya ka mo lellang ke mang! Nka o batlela batshedisi kae?