Genese 1:16 - Sesotho 1909/1961 (SO) Modimo wa etsa masedi a mabedi a maholo, lesedi le leholo la wona ho busa motshehare, le lesedi le lenyenyane la wona ho busa bosiu, wa etsa le dinaledi. BIBELE Modimo a etsa mabone a mabedi, a maholo; lebone le leholo ya eba le busang motsheare, le lenyenyane ya eba le busang bosiu; mme a etsa le dinaledi. |
ha ekaba nkile ka boha letsatsi ha le kganya, kapa kgwedi ha e tsamaya ka kganya ya yona,
mohla dinaledi tsa meso di ntshang mehoo ya thabo, le bara bohle ba Modimo ba binang ka nyakallo?
le tloha pheletsong ya mahodimo, mme phallong ya lona le fella pheletsong e nngwe: ha ho letho le ipatelang lebatama la lona.
Ha ke boha lehodimo la hao, mosebetsi wa menwana ya hao, kgwedi le dinaledi tseo o di bopileng, ke re:
Hobane dinaledi tsa lehodimo le Makolobe di ke ke tsa kgantsha lesedi la tsona; letsatsi le tla fifala le sa tjhaba, le yona kgwedi e ke ke ya kgantsha lesedi la yona.
Mme kgwedi e tla rothofala, letsatsi le swabe, hobane Jehova o busa thabeng ya Sione le Jerusalema, mme o kganya pela baholo ba hae.
Lelalang hodimo, le tadime! Ya entseng ntho tseo ke mang? O tsamaisa makgotla a tsona ka lenaneo, o di thonya kaofela ka mabitso a tsona ka matla a hae a maholo, matla a hae a sa sitweng ke letho; ha ho le e nngwe ho tsona e hlokahalang.
Ke nna ke bopang lesedi, ke hlahisang lefifi, ke etsang kgotso, ke hlahisang tshenyo; ke nna Jehova ya etsang tseo kaofela.
Hobane ho itswe ke Jehova, ya beileng letsatsi hore e be lesedi la motshehare, ya beileng kgwedi le dinaledi hore e be lesedi la bosiu, ya fuduang lewatle, maqhubu a lona a be a dume, Jehova wa makgotla ke lona lebitso la hae:
Letsatsi le kgwedi di eme nqalong tsa tsona ke ho tshoha lesedi la metsu ya hao e fetang, le kganya ya lerumo la hao le phatsimang.
Hanghang kamora mahlomola a mehla eo, letsatsi le tla fifala, kgwedi e tla hloka lesedi, dinaledi di tla wa lehodimong, mme tse matla tsa lehodimo di tla sisinyeha.
Ka hora ya botshelela, lefifi la eba teng lefatsheng lohle, ho fihlela hora ya boroba mono o le mong.
Khanya ya letsatsi ke esele, le kganya ya kgwedi ke esele, le kganya ya dinaledi ke esele; hobane naledi e ye e be hosele ho naledi e nngwe ka kganya.
Esebe mohlomong, ha o emisetsa mahlo a hao lehodimong, mme o bona letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, e leng makgotla wohle a mahodimo, wa dumela ho kgumama pela tsona, le ho di sebeletsa; athe ke ntho tseo Jehova, Modimo wa hao, a di abetseng ditjhaba kaofela, tse katlasa mahodimo wohle.
Motse ha o na ho boneswa ke letsatsi le kgwedi; hobane o boneswa ke kganya ya Modimo, mme Konyana ke lebone la wona.