Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Dipesaleme 8:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ha ke boha lehodimo la hao, mosebetsi wa menwana ya hao, kgwedi le dinaledi tseo o di bopileng, ke re:

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 e bolelwa ka melomo ya bana le ya masea. O hahile qhobosheane ho thibela dira tsa hao, wa e haha ho sitisa sera le moiphetetsi.

Ver Capítulo Copiar




Dipesaleme 8:3
18 Referencias Cruzadas  

Tshimolohong, Modimo o ne o hlole mahodimo le lefatshe.


Na Modimo ha o a phahama jwaloka lehodimo na? Tadima bohodimo ba dinaledi, bo hole hakakang!


Na makgotla a wona a ka balwa na? Mme ke mang ya sa tjhabelweng ke lesedi la wona?


Ha esita le kgwedi e se ntho e kganyang, le dinaledi di sa hlweka pela mahlo a wona,


Ke mang ya ka reng ho wona: O etsa hampe? O se ke wa lebala ho hodisa mesebetsi ya wona e roriswang ke batho ka dithoko.


O entse kgwedi, ngwaha o tle o arohanngwe ke yona; letsatsi le tseba ho phirima ha lona.


Mesebetsi ya Jehova e meholo, e batlisiswa ke bohle ba kgahlwang ke yona.


Mo roriseng, lona letsatsi le kgwedi! Mo roriseng kaofela, lona dinaledi tse kganyang!


Mahodimo a bolela kganya ya modimo, mme sebaka sa lehodimo se bonahatsa mosebetsi wa diatla tsa wona.


Mahodimo a entswe ke lentswe la Jehova, le makgotla wohle a wona ke pudulo ya molomo wa hae.


Mahodimo ke a hao, le lefatshe ke la hao; o theile lefatshe le tsohle tsa lona.


Eitse hobane Modimo o qetelle ho bua le Moshe, thabeng ya Sinai, wa mo nea matlapa a mabedi a bopaki, matlapa a majwe a ngodilweng ka monwana wa Modimo.


Yaba dingaka di re ho Faro: Ke monwana wa Modimo. Leha ho le jwalo, pelo ya Faro ya thatafala, a se ke a ba utlwa, jwalokaha Jehova a ne a boletse.


Empa, ekare ha ke leleka batemona ka monwana wa Modimo, mmuso wa Modimo o le fihletse ruri.


Hobane tse sa bonweng tsa wona, e leng matla a wona a kamehla le bomodimo ba wona, di bonahala haholo, haesale dintho di hlolwa, ha ho lemohuwa mesebetsi ya wona, e le hore ba tle ba hloke meitatolo.


Esebe mohlomong, ha o emisetsa mahlo a hao lehodimong, mme o bona letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, e leng makgotla wohle a mahodimo, wa dumela ho kgumama pela tsona, le ho di sebeletsa; athe ke ntho tseo Jehova, Modimo wa hao, a di abetseng ditjhaba kaofela, tse katlasa mahodimo wohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos