Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 1:16 - BIBELE

16 Modimo a etsa mabone a mabedi, a maholo; lebone le leholo ya eba le busang motsheare, le lenyenyane ya eba le busang bosiu; mme a etsa le dinaledi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Modimo wa etsa masedi a mabedi a maholo, lesedi le leholo la wona ho busa motshehare, le lesedi le lenyenyane la wona ho busa bosiu, wa etsa le dinaledi.

Ver Capítulo Copiar




Genese 1:16
22 Referencias Cruzadas  

Hape e be mabone a loaping la lehodimo, a bonesang lefatshe.” Ha fela ha eba jwalo.


haeba nkile ka boha tsatsi ha le phatsima, kapa kgwedi e tsamaya ka leredi la yona,


mohla bo-Mphatlalatsane ba binang ba le mmoho, mangeloi wohle a howa ka thabo?


Mo roriseng, lona letsatsi le kgwedi, mo roriseng, lona dinaledi tsohle tse phatsimang.


Tsohle di ke di rorise lebitso la Morena, hobane o ile a laela, mme tsa hloleha.


mme lona le ka monyadi a etswa leqatheng, jwaloka mohale, le thabela ho qeta tsela ya lona.


Motsheare ke wa hao, le bosiu ke ba hao; kgwedi le letsatsi o di beile, wa di bea madulong a tsona.


e bolelwa ka melomo ya bana le ya masea. O hahile qhobosheane ho thibela dira tsa hao, wa e haha ho sitisa sera le moiphetetsi.


Naledi tsa lehodimo le Makolobe a tsona, kganya ya tsona e ke ke ya bonahala, tsatsi le tla fifala ha le tjhaba, kganya ya kgwedi le yona e be siyo.


Kgwedi e tla fifala, tsatsi le ipate sefahleho, ha Morena wa mabotho a busa Sione le Jerusalema, baholo a ba senolela tlotla ya hae.


Lelalang, le tadime mahodimo: Tseo le di bonang di bopilwe ke mang? Ke ya balang naledi tsa lehodimo a di bale ka bomong, lebotho ka leng a le bitse ka lebitso la lona? Ka baka la matla a hae a maholo, le ka baka la bonatla ba hae, ha ho le le leng le lahlehang.


Ke etsa lesedi, ke etsa lefifi, ke a pholosa ke be ke timetse, nna Morena, tsena tsohle ke a di etsa.


Morena ya re fileng letsatsi ho bonesa motsheare, a ba a beela kgwedi le dinaledi molao o sa fetoheng, wa hore bosiu di bonese, e be masedi, yena ya tuduanyang lewatle hore le hwase, eo bitso la hae e leng Morena wa mabotho, o bua tjena:


Letsatsi le kgwedi tsa ema themelele! ha metsu ya hao e bebang e tsekema, ha rumo la hao le benyang le phatsima.


“Hanghang kamora ditlokotsi tsa matsatsi ao, letsatsi le tla fifala, kgwedi ha e na ho bonesa; dinaledi di tla wa lehodimong, mabotho a mahodimo a tla tsukutleha.


Ho tloha ka hora ya leshome le metso e mmedi lefifi la aparela lefatshe lohle ho fihlela ka hora ya boraro.


Ho na le kganya ya letsatsi, le ya kgwedi, le ya dinaledi, empa le kganya ya dinaledi ha e tshwane.


Esita leha le ka lelaletsa mahlo a lona lehodimong, la bona letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, e leng mabotho wohle a lehodimo, le se ke la kgeloswa, la kgumama kapele ho tsona, la di sebeletsa. Tsena ke tseo Morena Modimo wa lona, a di abetseng ditjhaba tsohle tse katlasa lehodimo lohle.


Motse ha o hloke letsatsi kapa kgwedi ho o bonesetsa, hobane tlotla ya Modimo e a o kgantshetsa, mme lebone la wona ke Konyana.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos