Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 13:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Hobane dinaledi tsa lehodimo le Makolobe di ke ke tsa kgantsha lesedi la tsona; letsatsi le tla fifala le sa tjhaba, le yona kgwedi e ke ke ya kgantsha lesedi la yona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Naledi tsa lehodimo le Makolobe a tsona, kganya ya tsona e ke ke ya bonahala, tsatsi le tla fifala ha le tjhaba, kganya ya kgwedi le yona e be siyo.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 13:10
22 Referencias Cruzadas  

O laela letsatsi hore le se ke la tjhaba, o sirela dinaledi ka tiiso ya wona.


ho eso ho fifale letsatsi le lesedi, kgwedi le dinaledi; le maru a eso ho latele pula;


Mehleng eo, Jehova o tla otla makgotla a lehodimo, nqalong tse phahameng, le marena a lefatshe lefatsheng.


Mme kgwedi e tla rothofala, letsatsi le swabe, hobane Jehova o busa thabeng ya Sione le Jerusalema, mme o kganya pela baholo ba hae.


Dula, o kgutse, mme o kene lefifing, wena moradi wa Bakalde, hobane ha o sa tla hlola o bitswa mofumahadi wa mebuso.


Tsatsing leo, ho tla duma hodima Juda, jwalokaha ho duma lewatle; ha ho tadingwa lefatshe, ho tla bonwa lefifi le mahlomola, hodima lesedi le tla fifatswa ke maru.


Ke apesa mahodimo ka botsho, ke a kwahela ka lesela la bofifi.


Pela setjhaba seo lefatshe le a thothomela, le mahodimo a sisinyeha; letsatsi le kgwedi di a fifala, le dinaledi di timetsa kganya ya tsona.


Letsatsi le tla fetoha lefifi, le kgwedi e fetohe madi, ho eso ho tle letsatsi la Jehova le leholo, le tshabehang;


Letsatsi le kgwedi di a fifala, le dinaledi di honyetsa phatsimo ya tsona.


Ha ke re, tsatsi la Morena e tla ba lefifi, e seng lesedi; botsho ba bosiu, e seng lesedi la motshehare?


Ka sekgohola se kgofolang o tla timeletsa nqalo eo ruri, mme bao e leng dira ho yena o tla ba tebella lefifing.


Ka tsatsi leo, lesedi le tla ba siyo, kganya ya dinaledi e fifatswe.


Hanghang kamora mahlomola a mehla eo, letsatsi le tla fifala, kgwedi e tla hloka lesedi, dinaledi di tla wa lehodimong, mme tse matla tsa lehodimo di tla sisinyeha.


Empa mehleng eo, kamora mahlomola ao, letsatsi le tla fifala; kgwedi e ke ke ya kgantsha lesedi la yona;


Dipontsho di tla ba teng letsatsing, le kgweding, le dinaleding; le lefatsheng ditjhaba di tla tsieleha, di be le matswalo, lewatle le ntse le duma le maqhubu a lona.


Letsatsi le tla fetolwa lefifi, le kgwedi e fetolwe madi, tsatsi la Morena le leholo, le kganyang, le eso ho tle.


Lengeloi la bone la letsa terompeta ya lona; mme karolo ya boraro ya letsatsi ya otlwa, le karolo ya boraro ya kgwedi, le karolo ya boraro ya dinaledi, e le hore ho fifale karolo ya boraro ya ntho tseo, mme ho fifale le karolo ya boraro ya lesedi la motshehare le la bosiu.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos