Ke thabile ke ho tla ha Setefanase, le ha Fortunate, le ha Akaike, hobane ba nketseditse, bakeng sa lona, seo le sitilweng ho se etsa.
Filemone 1:13 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ke ne ke hopotse hore nka mo thibela hore a dule le nna, a tle a ntshebeletse bakeng sa hao, ditlamong tsa Evangeli; BIBELE Ke lakatsa ho mmoloka kwano, hore ha ke ntse ke le ditlamong ka baka la molaetsa o molemo, a tle a ntshebeletse bakeng sa hao. Baasraak Sotho NT eo ke neng ke rata ho mo sala le nna, hore a tle a ntshebeletse bakeng sa hao ditlamong tsa Evangeli; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 eo ke neng ke rata ho mo sala le nna, hore a tle a ntshebeletse bakeng sa hao ditlamong tsa Evangeli; |
Ke thabile ke ho tla ha Setefanase, le ha Fortunate, le ha Akaike, hobane ba nketseditse, bakeng sa lona, seo le sitilweng ho se etsa.
Ke ka baka leo ke le ngollang, nna, Pauluse, ke leng moholehuwa wa Jesu Kreste ka baka la lona baditjhaba,
Ke le kgothatsa ke hona, nna ke leng moholehuwa ka baka la Morena, ke re: Tsamayang ka mokgwa o tshwanelang pitso eo le bitsitsweng ka yona,
Ho lokile, ha ke ikutlwa jwalo bakeng sa lona bohle, kahobane, ditlamong tsa ka, le boikarabelong ba ka, le tiisong ya Evangeli, ke na le lona ka pelong ya ka; hobane bohle le nkile kabelo mohaung hammoho le nna.
Hobane o kile a atamela lefu ka baka la mosebetsi wa Kreste, a tedile ho phela ha hae, a tle a tlatse tseo le neng le sitwa ho nketsetsa tsona.
Nna, Pauluse, moholehuwa wa Jesu Kreste, ke ena le Timothea, ngwaneso, ke ngolla wena, Filemone, moratuwa le mosebedisi wa rona,