Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Filemone 1:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 empa ha ke a ka ka rata ho etsa letho ke eso ho tsebe molomo wa hao, hore botle boo ba hao bo se ke ba etswa ke wena ka ho qophellwa, e mpe e be ka ho ithatela ha hao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Empa ha ke a rata ho etsa letho ntle ho tumello ya hao, esere thuso ya hao ya eba ya ho qobellwa, e seng ya ho ithaopa.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

14 Empa ha ke a ka ka etsa letho kantle ho kelello ya hao; gore molemo wa gago e se ka ya nna ka fa o patelediwang, mme e nne ka go rata.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Empa ha ke a ka ka etsa letho kantle ho kelello ya hao; gore molemo wa gago e se ka ya nna ka fa o patelediwang, mme e nne ka go rata.

Ver Capítulo Copiar




Filemone 1:14
10 Referencias Cruzadas  

Hape, Modimo wa ka, ke a tseba hoba o lekola pelo, mme o kgahlwa ke ho loka. Haele nna, ha ke o neetse ntho tseo kaofela ka ho rata, ke ka ho loka ha pelo ya ka; mme jwale ke thabile ha ke bona setjhaba sa hao se leng mona se o ntshetsa dimpho tsa sona ka ho rata.


Setjhaba sa hao e tla ba se mafolofolo ka letsatsi la ho futuha ha hao; ka bokgabane bo kgethehileng, ba batjha ba hao ba ya tswa pela hao jwaloka phoka e tswang popelong ya mafube.


Ekare ha ke etsa jwalo ka ho rata, ke na le moputso teng; mme leha ke etsa ke sa rate, tshebetso ya yona e sa ntse e beilwe hodima ka.


Ke mang ya yang ntweng ka mefaho ya hae? Ke mang ya hlomang morara, mme a sa je dijo tsa wona na? Ke mang ya disang mohlape, mme a sa je lebese la mohlape na?


e seng hore re na le puso hodima tumelo ya lona, empa re le sebedisa tse le thabisang, hobane efela le eme ka tumelo.


Hobane ho rata ha ho le teng, motho o ye a natefelwe ka seo a nang le sona, e seng ka seo a se hlokang.


Ke lekantse ke hona hoba ke tshwanetse ho kgothatsa baena, hore ba ke ba ye ho lona pele, mme ba phethe tokiso ya phano ya lona eo ke e boletseng, ka re, e se e lokile, e tle e be phano ya pelo, e seng ntho e etswang ka bokgonatha.


E mong le e mong a ntshe kamoo a seng a lekantse pele kateng, pelong ya hae; e seng ka ho swaba, leha e le ka ho kgannwa; hobane Modimo o rata ya fanang a thabile.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos