Bathe-Sheba a re: Ke qela nthwana e seng ekae ho wena; o se ke wa nkganela le yona. Morena a mo araba, a re: Mme, qela, hobane nke ke ka o latolela.
Esthere 5:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Morena a re ho yena: Oho, mofumahadi Esthere, o na le taba efe; o kopa eng? Leha o ka kopa karolo ya bobedi ya mmuso, o tla e newa. BIBELE Kgosi ya re ho yena: “Oho, mofumahadi Esetere, o batla ho etsetswa eng? O lakatsang? Seo o se lakatsang o tla se newa, leha e ka ba halofo ya mmuso wa ka.” |
Bathe-Sheba a re: Ke qela nthwana e seng ekae ho wena; o se ke wa nkganela le yona. Morena a mo araba, a re: Mme, qela, hobane nke ke ka o latolela.
Jehova a iponahatsa ho Salomone, Gibeone, ka toro ya bosiu, mme Modimo wa mmolella, wa re: Kopa seo ke tla o nea sona.
Esthere a re: Ha morena a dumela, morena a ke a tle kajeno le Hamane dijong tseo ke mo lokiseditseng tsona.
Eitse ha ho nowa veine, morena a re ho Esthere: O kopa eng? O tla e newa. O qosa eng? Le hoja e ka ba karolo ya bobedi ya mmuso, ho tla etswa jwalo.
Teng, morena a pheta a re ho Esthere, e le ka tsatsi la bobedi, ha ho nowa veine: O kopa eng, mofumahadi Esthere? O tla e newa. O qosa eng? Le hoja e ka ba karolo ya bobedi ya mmuso, ho tla etswa jwalo.
Morena a re ho mofumahadi Esthere: Susane, motse wa moreneng, Bajuda ba bolaile, ba timeditse batho ba makgolo a mahlano le bara ba leshome ba Hamane. Ha ho le jwalo, ba entseng dinaheng tse ding tsa morena? Le jwale, o kopa eng? O tla e newa. O sa qosa eng? Ho tla etswa jwalo.
A mo hlapanyetsa, a re: Ntho eo o ka e kopang, ke tla o fa yona, leha e ka ba le ho o arolela mmuso wa ka kalehare.
Molaodi wa sekete a mo tshwara ka letsoho, a tswela thoko le yena, a mmotsa, a re: Taba ke efe eo o mpolellang yona?