Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 5:3 - BIBELE

3 Kgosi ya re ho yena: “Oho, mofumahadi Esetere, o batla ho etsetswa eng? O lakatsang? Seo o se lakatsang o tla se newa, leha e ka ba halofo ya mmuso wa ka.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Morena a re ho yena: Oho, mofumahadi Esthere, o na le taba efe; o kopa eng? Leha o ka kopa karolo ya bobedi ya mmuso, o tla e newa.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 5:3
11 Referencias Cruzadas  

Batesheba a re: “Ke na le koponyana e fokolang. Ke a o rapela: O se ke wa mpa wa ntshwetsa.” Kgosi ya re ho yena: “Kopa, mme, ha ke na ho o swetsa.”


Hona moo Gibeone, Morena a itlhahisa ho Solomone torong, bosiu, a re: “Kopa seo o lakatsang hore ke o fe sona.”


Jwale kgosi ya re ho nna: “O rata ha ke o etsetsa eng?”


Esetere a araba, a re: “Haeba e le ntho e ka kgahlang kgosi, hona kajeno, kgosi le Hamane ba ke ba tle moketeng oo ke o lokiseditseng kgosi.”


Ha ho ntse ho nowa veine, kgosi ya re ho Esetere: “Thapedi ya hao ke efe? E tla ananelwa. Kopo ya hao ke efe? E tla phethahatswa, leha e ka ba halofo ya mmuso wa ka.”


Ka tsatsi la bobedi la mokete wa veine, kgosi ya boela ya re ho Esetere: “Oho, mofumahadi Esetere, thapedi ya hao ke efe? E tla ananelwa. Kopo ya hao ke efe? E tla phethwa, esita leha eba ke halofo ya mmuso wa ka.”


Jwale kgosi ya re ho mofumahadi Esetere: “Bajuda ba bolaile banna ba Shushane ba makgolo a mahlano, le bara ba leshome ba Hamane. Dinaheng tse ding tsa kgosi teng ba entseng? Thapedi ya hao ke efe? E tla ananelwa. Kopo ya hao ke efe hape? E tla phethahatswa.”


Yaba o a mo hlapanyetsa, o re: “Ke tla o fa eng kapa eng eo o tla nkopa yona, leha e ka ba halofo ya mmuso wa ka.”


“O rata ha ke o etsetsa eng?” Sa re: “Morena, nke ke boele ke bone!”


Molaodi a mo tshwara ka letsoho, a mo nkela thokwana, mme a mmotsa, a re: “Ke sefe seo o ratang ho mpolella sona?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos