Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 5:4 - BIBELE

4 Esetere a araba, a re: “Haeba e le ntho e ka kgahlang kgosi, hona kajeno, kgosi le Hamane ba ke ba tle moketeng oo ke o lokiseditseng kgosi.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Esthere a re: Ha morena a dumela, morena a ke a tle kajeno le Hamane dijong tseo ke mo lokiseditseng tsona.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 5:4
10 Referencias Cruzadas  

Jwale a re: “Ntlisetse yona, ke je nama ya tse tsomilweng ke mora wa ka mme ke o hlohonolatse.” Yaba o e tlisa ho yena, mme a ja; a mo tlisetsa le veine mme a nwa.


mme le be le re: ‘Le yena mohlanka wa hao Jakobo o ntse a etla kamorao ho rona.’ ” Jakobo o ne a re: “Ke tla mo thoba pelo ka dimpho tse nketeletseng pele, mme hamorao ha ke tadimana le yena, mohlomong a ka nkamohela.”


Mofumahadi Fashiti le yena a etsetsa basadi mokete ka tlung ya kgosi Ahashuerushe.


Maqosa a matha ka potlako, a susumetswa ke taelo ya kgosi, mme taelo eo ya phatlalatswa Shushane, motseng wa bokgosi. Jwale kgosi le Hamane ba dula, ba enwa, empa motse wa Shushane wona o ne o ferekane.


Kgosi ya re ho yena: “Oho, mofumahadi Esetere, o batla ho etsetswa eng? O lakatsang? Seo o se lakatsang o tla se newa, leha e ka ba halofo ya mmuso wa ka.”


Yaba kgosi e re: “Potlakang le bitse Hamane, re phethe seo Esetere a se boletseng!” Kgosi le Hamane ba ya moketeng oo Esetere a neng a o lokisitse.


Haeba kgosi e nkgauhetse, mme eba ke ntho e kgahlang kgosi ho phethahatsa thapedi le kopo ya ka, kgosi le Hamane ba ke ba tle moketeng oo ke tla be ke ba lokiseditse wona hosasane, mme teng ke tla araba potso ya kgosi.”


Ho lehlohonolo motho ya mosa, motho ya adimanang, ya sebetsang ditaba tsa hae ka toka.


Sethoto se hlatsa kgalefo ya sona, empa ya bohlale yena o a e bipa.


Bana beso, le se ke la nahana jwaloka bana, le nahane jwaloka batho ba baholo, empa le be masea ka nqeng ya bobe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos