Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 9:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Morena a re ho mofumahadi Esthere: Susane, motse wa moreneng, Bajuda ba bolaile, ba timeditse batho ba makgolo a mahlano le bara ba leshome ba Hamane. Ha ho le jwalo, ba entseng dinaheng tse ding tsa morena? Le jwale, o kopa eng? O tla e newa. O sa qosa eng? Ho tla etswa jwalo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Jwale kgosi ya re ho mofumahadi Esetere: “Bajuda ba bolaile banna ba Shushane ba makgolo a mahlano, le bara ba leshome ba Hamane. Dinaheng tse ding tsa kgosi teng ba entseng? Thapedi ya hao ke efe? E tla ananelwa. Kopo ya hao ke efe hape? E tla phethahatswa.”

Ver Capítulo Copiar




Esthere 9:12
6 Referencias Cruzadas  

Morena a re ho yena: Oho, mofumahadi Esthere, o na le taba efe; o kopa eng? Leha o ka kopa karolo ya bobedi ya mmuso, o tla e newa.


Eitse ha ho nowa veine, morena a re ho Esthere: O kopa eng? O tla e newa. O qosa eng? Le hoja e ka ba karolo ya bobedi ya mmuso, ho tla etswa jwalo.


Teng, morena a pheta a re ho Esthere, e le ka tsatsi la bobedi, ha ho nowa veine: O kopa eng, mofumahadi Esthere? O tla e newa. O qosa eng? Le hoja e ka ba karolo ya bobedi ya mmuso, ho tla etswa jwalo.


Tsatsing lona leo, palo ya ba bolaetsweng Susane, motse wa moreneng, ya behelwa morena.


Ha ho le jwalo, Bajuda ba Susane ba boela ba phutheha ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ya Adare, mme ba bolaya batho ba makgolo a mararo Susane, ba mpa ba sa ka ba hapa letho.


Molaodi wa sekete a mo tshwara ka letsoho, a tswela thoko le yena, a mmotsa, a re: Taba ke efe eo o mpolellang yona?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos