La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Esthere 3:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Eitse ha Hamane a bona hobane Mordekai a sa iname, a sa kgumame pela hae, Hamane a tlala bohale.

Ver Capítulo

BIBELE

Ha Hamane a bona hore Moredekai o hana ho mo obamela, le ho isa hlompho ho yena, a loloma ke bohale.

Ver Capítulo



Esthere 3:5
13 Referencias Cruzadas  

Empa mofumahadi Vashti a hana ho tla ka molomo wa morena o isitsweng ho yena ke matona. Morena a halefa haholo ke hona, mme bohale ba hae ba tuka kahare ho yena.


Bahlanka bohle ba morena ba neng ba ema pela monyako wa morena, ba ne ba iname, ba kgumama pela Hamane: hobane morena a ne a laetse jwalo bakeng sa hae. Empa Mordekai o ne a sa iname, a sa kgumame.


Ba nna ba mmolella jwalo ka matsatsi wohle, a mpa a hana ho ba utlwa; yaba ba tsebisa Hamane, hore ba tle ba bone ha mantswe a Mordekai e le a tiileng, etswe a ne a ba tsebisitse hobane ke Mojuda.


Tsatsing lona leo, Hamane a tswa a thabile, pelo ya hae e iketlile; empa eitse ha Hamane a bona Mordekai a le pela monyako wa morena, a eme, a sa mo suthele, a halefela Mordekai.


Athe bohale bo bolaya lehlanya, mme lewatla le bolawa ke mona.


Molotsana o rera ya lokileng, o mo tsikitlanyetsa meno.


Ya lewatla o hlahisa bohale ba hae feela; empa ya masene o pata tshito ya ya mo sitetsweng.


Motho ya bohale o tla jara kotlo ya teng; ha o mo lopolla, o tla boela a sebe.


Mosomi ke lebitso la motho ya ikgohomosang, ya mabela, ya etsang tsohle a rwetse boikgomoso.


ke hobane bothoto bo ye bo bewe tulong tse phahameng, mme barui ba ye ba dule tulong tse kokobetseng.


Yaba Nebukadnesare o tlala bohale, sefahleho sa hae sa hlwenyetsa Shadrake, le Meshake, le Abede-Nego, a laela hore ho beswe sebopi hasupa ho fetisa kamoo ba neng ba se besa kateng mehla.