Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 5:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Tsatsing lona leo, Hamane a tswa a thabile, pelo ya hae e iketlile; empa eitse ha Hamane a bona Mordekai a le pela monyako wa morena, a eme, a sa mo suthele, a halefela Mordekai.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Ka tsatsi leo Hamane a tsamaya a thabile, a nyakaletse. Empa eitse ha Hamane a bona Moredekai monyakong wa ntlo ya kgosi, mme a lemoha hore Moredekai ha a eme, ha a mo tshohe, a mo halefela haholo.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 5:9
19 Referencias Cruzadas  

Yaba Akabe o boela hae, a hloname, a halefile ke taba eo Nabothe wa Jisreele a mo arabileng ka yona, kamoo a itseng kateng: Nke ke ka o nea lefa la bontate. A robala diphateng tsa hae, a reteletsa sefahleho sa hae, a hana ho ja bohobe.


A re ho yena: Ke kahobane ke buile le Nabothe wa Jisreele, ka re ho yena: Nnee tshimo ya hao ya merara, ke e reke ka tjhelete, kapa ha o rata, ke tla o nea tshimo e nngwe ya merara bakeng sa yona; o mpa a itse ho nna: Nke ke ka o nea tshimo ya ka ya merara.


Mohla ho bokellwang barwetsana la bobedi, Mordekai o ne a dutse pela monyako wa morena.


Bahlanka bohle ba morena ba neng ba ema pela monyako wa morena, ba ne ba iname, ba kgumama pela Hamane: hobane morena a ne a laetse jwalo bakeng sa hae. Empa Mordekai o ne a sa iname, a sa kgumame.


Eitse ha Hamane a bona hobane Mordekai a sa iname, a sa kgumame pela hae, Hamane a tlala bohale.


Empa tseo tsohle di bosula ho nna, ha ke sa ntse ke bona Mordekai, Mojuda eno, a dutse pela monyako wa morena.


thabo ya molotsana e fela kapele, le ho nyakalla ha ya kgopo e le ha motsotso o le mong feela?


ha ekaba batho ba ntlo ya ka ba ne ba sa bue, ba re: O kae ya sa kang a kgora dijo tafoleng ya hae?


Mahlong a hae motho ya nyatsehang ke ya kgopo, empa o hlonepha batho ba tshabang Jehova. Leha a hlapantse, a ke ke a kweneha, leha e ka ba tshenyehelo ho yena;


Leha lekgotla la dira le ka tla ho lalla pela ka, pelo ya ka e ke ke ya tshoha; leha ntwa e ka mphutuhela, le teng ke sa tletse tshepo.


Yaba Nebukadnesare o ba bohale, a halefa, a re, ho tliswe Shadrake le Meshake le Abede-Nego. Banna bao ba tliswa pela morena.


Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, ba mpa ba se na matla a ho bolaya moya; le mpe le tshabe ya nang le matla a ho bolaela moya le mmele diheleng.


Jwale, Heroda ha a bona hobane o phomilwe ke ba bohlale, a halefa haholo; a romela ho bolaya bana bohle ba Bethlehema le ba naha yohle ya teng, ba lemo tse pedi le ba ba hlahlamang, a lekanya ka nako eo a e botsisisitseng ba bohlale.


Ho madimabe lona ba kgotsheng jwale, hobane le tla lapa. Ho madimabe lona ba tshehang jwale, hobane le tla lla, le be le bokolle.


Kannetenete ke re ho lona: Le tla lla, le be le lle, mme lefatshe le tla thaba; le tla utlwa bohloko, empa bohloko ba lona bo tla fetoha thabo.


Eitse ha ba utlwa taba tseo, ba tlalwa ke dipelo, mme ba mo tsikitlanyetsa meno.


Hlomohang dipelo, le lle, le bokolle; ditsheho tsa lona di fetohe dillo, thabo ya lona e fetohe maswabi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos