Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 1:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Empa mofumahadi Vashti a hana ho tla ka molomo wa morena o isitsweng ho yena ke matona. Morena a halefa haholo ke hona, mme bohale ba hae ba tuka kahare ho yena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Empa mofumahadi Fashiti a hana ho tla ha mahaole a mo tsebisa taelo ya kgosi. Ka baka lena, kgosi ya halefa haholo, mme kgalefo ya yona ya tlokoma.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 1:12
19 Referencias Cruzadas  

A re ho mosadi: Ke tla o atisetsa bohloko ba hao haholoholo kemarong ya hao: o tla beleha bana ka bohloko; ditakatso tsa hao di tla ba ho monna wa hao, mme o tla buswa ke yena.


hore a tlise pela morena mofumahadi Vashti a rwetse moqhaka wa bofumahadi hloohong ya hae, hore a tle a bontshe ditjhaba le mahosana botle ba hae; hobane e ne e le motho ya sefahleho se setle.


Yaba morena o bua le babohlale ba tsebang dinako, — hobane taba efe le efe ya morena e ne e buwa jwalo pela bohle ba tsebang ditaelo le ditokelo;


Yaba morena, kgalefong ya hae, o tloha dijong, a ikela tshimong ya ntlo ya borena; Hamane yena a mpa a ema moo, a tle a rapelle bophelo ba hae ho mofumahadi Esthere hobane o ne a bontshisitse hoba lefu la hae le se le rerilwe ke morena.


Oho Modimo, o re lahletseng kamehla? Bohale ba hao bo kubellelang mohlape oo o leng modisa wa wona?


Jehova, o tla lesa neng ho halefa? Kgalefo ya hao na e tla tuka jwaloka mollo kamehla na?


Eitse ha a atamela diahelong, a bona namane le mehobelo. Yaba bohale ba Moshe bo a tuka, mme a lahla matlapa ka matsoho a hae, a a bolaya mosifeng wa thaba.


Aarone a re: Bohale ba monga ka bo se ke ba tuka. Tjhaba sena o a se tseba hoba se sekametse bobeng.


Kgalefo ya morena a jwaloka ho rora ha tau, empa lerato la hae le jwaloka phoka hodima jwang.


Bohale ba morena bo tshabeha jwaloka tau ha e puruma; ya mo halefisang o itshitelwa moya wa hae.


Morena a ba bohale kahoo, a halefa haholo, mme a laela hore babohlale kaofela ba Babilona ba bolawe.


Yaba Nebukadnesare o ba bohale, a halefa, a re, ho tliswe Shadrake le Meshake le Abede-Nego. Banna bao ba tliswa pela morena.


Yaba Nebukadnesare o tlala bohale, sefahleho sa hae sa hlwenyetsa Shadrake, le Meshake, le Abede-Nego, a laela hore ho beswe sebopi hasupa ho fetisa kamoo ba neng ba se besa kateng mehla.


Kgalefo ya hae e ka emelwa ke mang, mme ke mang ya ka tiyang ho tukeng ha bohale ba hae? Bohale ba hae bo tsoloha jwaloka mollo, mafika a heletswa ke yena.


Lona basadi, le ikokobetse katlasa banna ba lona, jwalokaha le ikokobetsa ho Morena;


Jwalokaha kereke e ikokobetsa katlasa Kreste, basadi le bona ba ikokobetse ho banna ba bona jwalo nthong tsohle.


Jehova o tla hana ho mo tshwarela; empa kgalefo ya Jehova le poulelo ya hae di tla tukela motho eo; dithohako tsohle tse ngodilweng bukeng ena di tla mo wela hodimo; mme Jehova o tla hlakola lebitso la hae tlasa lehodimo.


Haele lona basadi, le utlwe banna bao e leng ba lona jwalo, hore leha ba bang ba ka ba teng ba sa dumeleng lentswe, ba mpe ba hapuwe, leha e ke ke ya eba ka lentswe, e be ka metsamao ya basadi ba bona,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos