Eksoda 9:6 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ka hosasa, Jehova a fela a etsa taba eo, mme mehlape ya Baegepeta ya eshwa kaofela, empa mehlapeng ya bana ba Iseraele ho se ke ha eshwa ntho le e nngwe. BIBELE Morena a fela a etsa ntho ena ka la hosasane; diphoofolo tsohle tsa Baegepeta tsa eshwa, empa ha se ke ha eshwa phoofolo leha e le nngwe diphoofolong tsa bana ba Iseraele. |
Wa nna wa nea kgalefo ya wona sebaka, ha o a ka wa qenehela meya ya bona; empa ka lefu la sewa wa timetsa bophelo ba bona.
Ka bosiu boo, ke tla haola ka naha ya Egepeta, ke otle matsibolo kaofela a naha ya Egepeta, a batho le a diphoofolo, mme ke tla hlahisa dikahlolo hodima medimo ya Egepeta. Ke nna Jehova.
Ka bosiu bo boholo, Jehova a otla matsibolo a naha ya Egepeta kaofela, ho tloha ho letsibolo la Faro ya dutseng teroneng ya hae, ho isa ho matsibolo a motshwaruwa ya ka tlung ya teronko, le matsibolo kaofela a diphoofolo.
Ka tsatsi leo, ke tla kgetha naha ya Goshene, eo setjhaba sa ka se dutseng ho yona, mme ha ho ka ke ha eba menwang teng, hore o tle o tsebe hobane nna Jehova ke teng hara lefatshe.
Sefako sa otla, naheng yohle ya Egepeta, tsohle tse neng di le naheng, ho tloha ho batho ho isa diphoofolong; sa otla dimela tsohle tsa lefatshe, sa robaka difate tsohle tsa naha.
Jehova o tla kgetha mehlape ya Iseraele ho mehlape ya Baegepeta, mme ha ho ka ke ha eshwa letho la tsohle tsa bana ba Iseraele.