Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 12:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Ka bosiu bo boholo, Jehova a otla matsibolo a naha ya Egepeta kaofela, ho tloha ho letsibolo la Faro ya dutseng teroneng ya hae, ho isa ho matsibolo a motshwaruwa ya ka tlung ya teronko, le matsibolo kaofela a diphoofolo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

29 Jwale ka seroko, Morena a bolaya matsibolo wohle a naha ya Egepeta; ho qala ka letsibolo la Faro, lona le tla dula teroneng ya hae, ho isa ho letsibolo la motshwaruwa ya kwaletsweng tjhankaneng, le matsibolo wohle a diphoofolo.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 12:29
27 Referencias Cruzadas  

Empa setjhaba seo ba tla beng ba se sebeleditse, ke tla se ahlola, mme kamorao ba tla tswa teng ba na le maruo a maholo.


Ba ye ba shwe hang, hara bosiu; setjhaba se ye se heletswe, se timele; ba matla ba tloswa, e seng ka letsoho la motho.


A otla le matsibolo kaofela naheng ya bona, e leng sehlooho sa bonna ba bona.


ke yena ya neng a otle matsibolo a Egepeta, ho qala ka batho ho isa ho makgomo.


Ya otlileng Baegepeta matsibolong a bona: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.


Wa nna wa nea kgalefo ya wona sebaka, ha o a ka wa qenehela meya ya bona; empa ka lefu la sewa wa timetsa bophelo ba bona.


Wa otla matsibolo kaofela naheng ya Egepeta, sehlooho sa bonna ba bona ditenteng tsa Kama.


Yaba Jehova o re ho Moshe: Ke sa tlisa kotsi e le nngwe hodima Faro le hodima Egepeta, e be hona a le dumellang ho tsamaya; mme etlare ha a le lokolla, o tla le lelekisa mona, a be a le lelekise.


Ka bosiu boo, ke tla haola ka naha ya Egepeta, ke otle matsibolo kaofela a naha ya Egepeta, a batho le a diphoofolo, mme ke tla hlahisa dikahlolo hodima medimo ya Egepeta. Ke nna Jehova.


Yaba bana ba Iseraele ba ya, ba etsa kamoo Jehova a laetseng Moshe le Aarone kateng: ba fela ba etsa jwalo.


Enile ya re ha Faro a ntse a hana ho re lokolla, Jehova a bolaya matsibolo kaofela a naha ya Egepeta, ho tloha matsibolong a batho, ho isa matsibolong a diphoofolo; ke ka baka lena ke hlabelang Jehova matsibolo wohle a matona. Bara ba ka kaofela ba matsibolo ke a ba lopolla.


ke re ho wena: Lokolla moraka, a ye ho ntshebeletsa; empa ha o hana ho mo lokolla, bona, ke tla bolaya mora wa hao wa letsibolo.


Ka hosasa, Jehova a fela a etsa taba eo, mme mehlape ya Baegepeta ya eshwa kaofela, empa mehlapeng ya bana ba Iseraele ho se ke ha eshwa ntho le e nngwe.


Ba tla hlahlelwa jwaloka ba hapilweng, ha ba hlahlelwa teronkong, ba kwallwe mameneng; mme hobane ho fete matsatsi a mangata, ba tla otlwa.


Bona, ba tla swaba, ba hlabiswe dihlong, bao e leng dira ho wena; ba o lwantshang ba tla ba jwaloka eka ba siyo, ba fele.


Ya kokobeditsweng ditlamong o tla phakisa a lokollwe; a ke ke a shwela sekoting, a ke ke a hloka bohobe ba hae.


Yaba ba hula Jeremia ka marapo, ba mo nyolla lemeneng; mme Jeremia a dula lebaleng la ntlo ya teronko.


Ba tshwara Jeremia, ba mo lahlela lemeneng la Malkia, mora morena, le neng le le lebaleng la ntlo ya teronko; ba theolela Jeremia teng ka marapo; ho ne ho se metsi lemeneng, empa le le seretse, mme Jeremia a tetebela seretseng.


O etellwa pele ke lefu la sewa, lefu le tjhesang le mo sala morao.


Haele wena, ka baka la madi a selekane sa hao, ke tla lokolla batshwaruwa ba hao sekoting se se nang metsi.


Hobane matsibolo wohle ke a ka. Mohla ke otlang matsibolo wohle a lefatsheng la Egepeta, ke ne ke ikgethele matsibolo wohle a Iseraele, ho tloha ho a batho ho isa ho a dikgomo; e tla nne e be a ka. Ke nna Jehova.


ha Baegepeta ba ntse ba epela matsibolo wohle, ao Jehova a a bolaileng hara bona, mohla Jehova a neng a hlahise dikahlolo hodima medimo ya bona.


Hobane matsibolo wohle a bana ba Iseraele ke a ka, a batho le a dikgomo: ke ikgethetse wona mohla ke otlang matsibolo wohle lefatsheng la Egepeta.


Ka tumelo, o entse Paseka le phoko ya madi, hore ya bolayang matsibolo a se ke a ama a Baiseraele.


phuthehong le kerekeng ya matsibolo a ngodilweng mahodimong, ho Modimo, moahlodi wa bohle, ho meya ya ba lokileng ba setseng ba phethehile,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos