Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 12:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Yaba Faro o tsoha bosiu, yena le bahlanka ba hae kaofela, le Baegepeta bohle; ha eba seboko se seholo Egepeta, hobane ho ne ho se ntlo e hlokang mofu.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

30 Yaba Faro o tsoha bosiu, yena le bahlanka ba hae, le Baegepeta bohle, mme ha eba le seboko sa phohomela Egepeta, hobane ho ne ho se lelapa le se nang ya shweleng.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 12:30
9 Referencias Cruzadas  

Wa nna wa nea kgalefo ya wona sebaka, ha o a ka wa qenehela meya ya bona; empa ka lefu la sewa wa timetsa bophelo ba bona.


A re ho bona: Jehova a be le lona jwalo, jwalokaha ke fela ke tla le lokolla hore le tsamaye, lona le bana ba lona! Iponeleng, hobane kotsi e kapele ho lona.


Ho ya ba dillo tse kgolo naheng yohle ya Egepeta, tseo ho esong ho be tse kalo, mme ho ke keng ha hlola ho eba tse kalo.


Ya ithibang ditsebe hore a se ke a utlwa dillo tsa mosenyehi, o tla lla le yena, empa a ke ke a lemohuwa ke motho.


Le masimong wohle a merara dillo di tla ba teng, hobane ke tla feta mahareng a hao: ho bolela Jehova.


O etellwa pele ke lefu la sewa, lefu le tjhesang le mo sala morao.


Yare bosiu bo boholo, ha etswa mohoo, ha thwe: Bonang, monyadi ke eo; tswang, le mo kgahlanyetse.


Hobane kahlolo e ke ke ya eba le mohau ho ya sa etsang ka mohau; empa mohau o ithorisa hodima kahlolo.


Haele banna ba sa kang ba eshwa, ba otlwa ka diso, seboko sa motse sa ba sa nyolohela lehodimong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos