Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Eksoda 12:30 - BIBELE

30 Yaba Faro o tsoha bosiu, yena le bahlanka ba hae, le Baegepeta bohle, mme ha eba le seboko sa phohomela Egepeta, hobane ho ne ho se lelapa le se nang ya shweleng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Yaba Faro o tsoha bosiu, yena le bahlanka ba hae kaofela, le Baegepeta bohle; ha eba seboko se seholo Egepeta, hobane ho ne ho se ntlo e hlokang mofu.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 12:30
9 Referencias Cruzadas  

A se ke a kokobetsa kgalefo ya hae, leha e le ho ba phemisa lefu; a ba bolaya ka lefu la sewa.


Yaba Faro o re ho bona: “Morena a ke a be le lona, haeba le re, nka le lokolla le bana ba lona! Bonang, le na le morero a kgopo!


Ho tla ba le sello sa phohomela naheng yohle ya Egepeta, seo ho esong ho be se kang sona, mme se ke keng sa hlola se eba teng.


Ya ithibang ditsebe ha mofutsana a lla, le yena o tla lla, empa a ke ke a mamelwa.


Masimong wohle a morara ho tla lluwa, hoba ke tla feta kahara lona,” ho rialo Morena.


Lefu la sewa le mo eteletse pele, feberu yona e latela mehlaleng ya hae.


“Jwale hara mpa bosiu ha hlajwa mokgosi o reng: ‘Monyadi ke eo! Tswang, le mo kgahlanyetse!’


Ya hlokileng mohau o tla ahlolwa ho se mohau, empa ya bileng mohau ha a tshabe ho ahlolwa.


Banna ba sa kang ba eshwa bona ba otlwa ka mathopa a mokoteng, mme seboko se tswang motseng sa nyolohela lehodimong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos