Eksoda 12:29 - BIBELE29 Jwale ka seroko, Morena a bolaya matsibolo wohle a naha ya Egepeta; ho qala ka letsibolo la Faro, lona le tla dula teroneng ya hae, ho isa ho letsibolo la motshwaruwa ya kwaletsweng tjhankaneng, le matsibolo wohle a diphoofolo. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)29 Ka bosiu bo boholo, Jehova a otla matsibolo a naha ya Egepeta kaofela, ho tloha ho letsibolo la Faro ya dutseng teroneng ya hae, ho isa ho matsibolo a motshwaruwa ya ka tlung ya teronko, le matsibolo kaofela a diphoofolo. Ver Capítulo |
E ile yare ha Faro a ngangella, a hana ho re lokolla, Morena a bolaya matsibolo wohle naheng ya Egepeta, ho qala ka matsibolo a batho, ho isa ho matsibolo a diphoofolo. Ke ka lebaka lena ke etsetsang Morena sehlabelo ka letsibolo le leng le le leng le letona, empa matsibolo a matona, a bara ba ka, ke a a lopolla.’