Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 9:6 - BIBELE

6 Morena a fela a etsa ntho ena ka la hosasane; diphoofolo tsohle tsa Baegepeta tsa eshwa, empa ha se ke ha eshwa phoofolo leha e le nngwe diphoofolong tsa bana ba Iseraele.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ka hosasa, Jehova a fela a etsa taba eo, mme mehlape ya Baegepeta ya eshwa kaofela, empa mehlapeng ya bana ba Iseraele ho se ke ha eshwa ntho le e nngwe.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 9:6
10 Referencias Cruzadas  

Dikgomo tsa bona a di bolaya ka sefako, le mehlape ya bona ka letolo.


A se ke a kokobetsa kgalefo ya hae, leha e le ho ba phemisa lefu; a ba bolaya ka lefu la sewa.


“ ‘Ka bona bosiu boo ke tla tsamaya naheng yohle ya Egepeta, ke bolaye matsibolo wohle a naha ya Egepeta, a batho le a diphoofolo, mme ke tla ahlola medimo yohle ya Egepeta. Ke nna Morena.


Jwale ka seroko, Morena a bolaya matsibolo wohle a naha ya Egepeta; ho qala ka letsibolo la Faro, lona le tla dula teroneng ya hae, ho isa ho letsibolo la motshwaruwa ya kwaletsweng tjhankaneng, le matsibolo wohle a diphoofolo.


“ ‘Mohla letsatsi leo, ke tla sekeletsa setereka sa Goshene, moo setjhaba sa ka se ahileng teng, hore ho sona ho se be diboba; e le hore o tle o tsebe hore ke nna Morena naheng ena.


Hohle naheng ya Egepeta, sefako sa ruthutha tsohle tse neng di le naheng, ho qala ka batho ho isa ho diphoofolo; sefako sa ruthutha dimela tsohle tsa naha, le difate tsohle tsa naha, sa di roba dikotwana.


Ke seterekeng sa Goshene feela, moo ho neng ho phela bana ba Iseraele, moo sefako se sa kang sa na teng.


Morena o tla kgetholla diphoofolo tsa Baiseraele ho diphoofolo tsa Baegepeta, mme ha ho letho le tla shwa ho tsohle tseo e leng tsa bana ba Iseraele.’ ”


Morena o se a beile nako, a re: “Morena o tla etsa ntho ena hosasane naheng ena.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos