Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 9:7 - BIBELE

7 Ke ha Faro a romela batho ho ya bona hore na ke nnete, mme ba fumana ho sa shwa phoofolo leha e le nngwe diphoofolong tsa bana ba Iseraele. Empa pelo ya Faro ya nna ya thatafala, a se ke a lokolla setjhaba hore se tsamaye.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Yaba Faro o a romela, a fumana hoba ha ho a shwa ntho leha e le nngwe mehlapeng ya Iseraele. Empa pelo ya Faro ya thatafala, a se ke a lokolla setjhaba.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 9:7
11 Referencias Cruzadas  

Modimo o bohlale, o bile o matla: Ke mang ya ka mo hanyetsang, yaba o a atleha?


Feela ke a tseba hore kgosi ya Egepeta e ke ke ya le dumella ho tsamaya, haese ha e etswa ka matla hore e etse jwalo.


Feela pelo ya Faro ya nna ya thatafala, a se ke a ba mamela, jwalokaha Morena a ne a ile a bolela.


Jwale Morena a re ho Moshe: “Pelo ya Faro e thatafetse, o hana ho lokolla setjhaba hore se tsamaye.


Empa le nakong ena Faro a nna a thatafatsa pelo ya hae, mme a se ke a lokolla setjhaba hore se tsamaye.


Empa Morena a nna a thatafatsa pelo ya Faro, mme a se ke a ba mamela, jwalokaha Morena a ne a boleletse Moshe.


Jwale Morena a re ho Moshe le ho Arone: “Ngwathang molora ka seboping, le tlatse matsoho a lona, mme Moshe a o hasetse hodimo, Faro a ntse a tadimile.


Motho ya nnileng a kgalengwa empa a satalatsa molala, hanghang o tla welwa ke kotsi, pheko e be siyo.


Ke tsebile kamoo o leng manganga kateng; molala wa hao o sataletse sa tshepe, phatla ya hao yona e ka lethose.


Empa eitse ha pelo ya yona e qala ho ikgohomosa, e thatafatswa ke boikakaso ba yona, kgosi e ile ya theolwa teroneng ya bokgosi, ya hlobodiswa tlotla ya yona.


Ka baka leo, Modimo o a hauhela, ha a rata; le teng ha a rata, o a thatafatsa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos