Batho ba sitwa ho bonana, mme ho se ke ha eba motho ya tsohang ditulong tsa hae ka ditshiu tse tharo; empa bana ba Iseraele kaofela ba eba le lesedi moo ba ahileng teng.
Eksoda 9:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Jehova o tla kgetha mehlape ya Iseraele ho mehlape ya Baegepeta, mme ha ho ka ke ha eshwa letho la tsohle tsa bana ba Iseraele. BIBELE Morena o tla kgetholla diphoofolo tsa Baiseraele ho diphoofolo tsa Baegepeta, mme ha ho letho le tla shwa ho tsohle tseo e leng tsa bana ba Iseraele.’ ” |
Batho ba sitwa ho bonana, mme ho se ke ha eba motho ya tsohang ditulong tsa hae ka ditshiu tse tharo; empa bana ba Iseraele kaofela ba eba le lesedi moo ba ahileng teng.
Madi e tla ba letshwao la lona matlung ao le dutseng ho wona; ke tla bona madi, ke le fete, mme kotsi ha e ka ke ya eba hodima lona ho le bolaya, ha ke otla naha ya Egepeta.
Yaba dingaka di re ho Faro: Ke monwana wa Modimo. Leha ho le jwalo, pelo ya Faro ya thatafala, a se ke a ba utlwa, jwalokaha Jehova a ne a boletse.
Ka tsatsi leo, ke tla kgetha naha ya Goshene, eo setjhaba sa ka se dutseng ho yona, mme ha ho ka ke ha eba menwang teng, hore o tle o tsebe hobane nna Jehova ke teng hara lefatshe.
Ka hosasa, Jehova a fela a etsa taba eo, mme mehlape ya Baegepeta ya eshwa kaofela, empa mehlapeng ya bana ba Iseraele ho se ke ha eshwa ntho le e nngwe.
Hape, ke ne ke le time dipula, ho sa setse dikgwedi tse tharo pele ho kotulo, ka e nesetsa motse o mong, motse o mong ke se ke ka o nesetsa; tshimo e nngwe ya nesetswa, tshimo e nngwe e sa kang ya nesetswa ya omella;
Le tla boela le bone, kamoo ho fapaneng ya lokileng le ya kgopo kateng, ya sebeletsang Modimo le ya sa o sebeletseng!