Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 8:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Yaba dingaka di re ho Faro: Ke monwana wa Modimo. Leha ho le jwalo, pelo ya Faro ya thatafala, a se ke a ba utlwa, jwalokaha Jehova a ne a boletse.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Dingaka tsa re ho Faro: “Hona ke monwana wa Modimo.” Empa pelo ya Faro ya nna ya thatafala, mme a se ke a ba a ba mamela, jwalokaha Morena a ne a boletse.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 8:19
18 Referencias Cruzadas  

mme diqwapi tse otileng tsa metsa diqwapi tse supileng tse ntle. Ke boleletse dinohe, empa ha ho motho ya mphuthollelang.


Ha ke boha lehodimo la hao, mosebetsi wa menwana ya hao, kgwedi le dinaledi tseo o di bopileng, ke re:


Batho ba sitwa ho bonana, mme ho se ke ha eba motho ya tsohang ditulong tsa hae ka ditshiu tse tharo; empa bana ba Iseraele kaofela ba eba le lesedi moo ba ahileng teng.


Bahlanka ba Faro ba re ho yena: Monna eo e tla ba leraba ho rona ho fihlela neneng? Lokolla batho bao, ba tle ba ye ho sebeletsa Jehova, Modimo wa bona. Na ha o eso ho lemohe hobane Egepeta e senyehile na?


Empa ho bana ba Iseraele kaofela, leha e le ho batho, leha e le ho diphoofolo, ha ho ka ke ha eba le ntja e itshisinyang leleme, le tle le tsebe hobane Jehova o kgethile Baegepeta ho Baiseraele.


Empa pelo ya Faro ya thatafala, mme ha a ka a ba utlwa, jwalokaha Jehova a ne a boletse.


Faro ha a ka ke a le utlwa, mme ke tla bea letsoho la ka hodima Egepeta, ke ntshe makgotla a ka, e leng setjhaba sa ka, bana ba Iseraele, lefatsheng la Egepeta ka dikahlolo tse kgolo.


Baegepeta ba tla tseba hoba ke nna Jehova, ha ke otlolla letsoho la ka hodima Egepeta, ke ntsha bana ba Iseraele mahareng a bona.


Feela sefako sa eba siyo naheng ya Goshene, moo bana ba Iseraele ba neng ba le teng.


Jehova o tla kgetha mehlape ya Iseraele ho mehlape ya Baegepeta, mme ha ho ka ke ha eshwa letho la tsohle tsa bana ba Iseraele.


Yaba sephiri seo se senolelwa Daniele ponong ya bosiu; mme Daniele a boka Modimo wa lehodimo.


Empa ekare ha ke leleka batemona ka Moya wa Modimo, le tsebe hoba mmuso wa Modimo o le fihletse ruri.


Empa, ekare ha ke leleka batemona ka monwana wa Modimo, mmuso wa Modimo o le fihletse ruri.


Yaba baprista ba baholo le bafarisi ba bokella lekgotla, ba re: Re tla etsang, haele mona motho eo a etsa mehlolo e mengata na?


ba re: Batho bao re tla ba etsang na? Hobane, haele hore mohlolo o bonahalang o entswe ke bona, ke taba e tsejwang ke bohle ba ahileng Jerusalema, mme re ka sitwa ho ho latola.


Ebile ba re: Ha le kgutlisa areka ya Modimo wa Iseraele, le se ke la e kgutlisa e le feela, le mpe le o hlahisetse sehlabelo sa molato; kahoo le tla fola, kapa le tla tseba seo letsoho la wona le sa le tloheleng ka baka la sona.


Ha le bona hobane e ya Bethe-Shemeshe, ka tsela ya habo yona, etlaba ke yena ya re hlahiseditseng kotsi ena e kgolo; ha ho se jwalo, re tla tseba hobane hase letsoho la hae le re otlileng, empa e le taba e re hlahetseng feela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos