Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 9:4 - BIBELE

4 Morena o tla kgetholla diphoofolo tsa Baiseraele ho diphoofolo tsa Baegepeta, mme ha ho letho le tla shwa ho tsohle tseo e leng tsa bana ba Iseraele.’ ”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Jehova o tla kgetha mehlape ya Iseraele ho mehlape ya Baegepeta, mme ha ho ka ke ha eshwa letho la tsohle tsa bana ba Iseraele.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 9:4
10 Referencias Cruzadas  

Batho ba sitwa ho bonana, mme ka matsatsi a mararo motho a sitwa ho tloha moo a dutseng teng. Empa moo ho ahileng bana ba Iseraele bohle, lesedi le ne le ntse le le teng.


Madi ana e tla ba letshwao la lona, matlung ao le leng ho wona; etlare ha ke bona madi ke fete, mme ha ho sewa se tla le wela hodimo ho le timetsa, ha ke otla naha ya Egepeta.


Dingaka tsa re ho Faro: “Hona ke monwana wa Modimo.” Empa pelo ya Faro ya nna ya thatafala, mme a se ke a ba a ba mamela, jwalokaha Morena a ne a boletse.


“ ‘Mohla letsatsi leo, ke tla sekeletsa setereka sa Goshene, moo setjhaba sa ka se ahileng teng, hore ho sona ho se be diboba; e le hore o tle o tsebe hore ke nna Morena naheng ena.


Ke seterekeng sa Goshene feela, moo ho neng ho phela bana ba Iseraele, moo sefako se sa kang sa na teng.


Morena o se a beile nako, a re: “Morena o tla etsa ntho ena hosasane naheng ena.”


Morena a fela a etsa ntho ena ka la hosasane; diphoofolo tsohle tsa Baegepeta tsa eshwa, empa ha se ke ha eshwa phoofolo leha e le nngwe diphoofolong tsa bana ba Iseraele.


“Kgwedi di sa le tharo ho eso kotulwe, ha ke a ka ka le nesetsa pula; motse o mong ka o nesetsa pula, o mong wona ka se ke ka o nesetsa pula; tshimo e nngwe ya nelwa ke pula, e nngwe yona ya e hloka, ya omella.


Le tla boela le tseba hore na ya lokileng o fapane jwang le ya kgopo, ya sebeletsang Modimo o fapane jwang le ya sa mo sebeletseng.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos