Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 9:3 - BIBELE

3 bona, Morena o tla bolaya diphoofolo tsa hao tse naheng: dipere, le ditonki, le dikamele, le mehlape ya dikgomo, le ya dinku, ka lefu la sewa le leholo haholo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 bona, letsoho la Jehova le tla ba boima hodima mehlape ya hao e naheng, dipere le diesele le dikamele le makgomo le manku, ka lefu le leholo ka ho fetisisa.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 9:3
9 Referencias Cruzadas  

Ba tlisa diphoofolo tsa bona ho Josefa, mme Josefa a ba ananyetsa dijo ka dipere, le dinku, le dikgomo, le ditonki. Selemong seo a ba ananyetsa dijo ka diphoofolo tsa bona tsohle.


Ke jwaloka semumu, ha ke na puo, hobane ke wena ya sebetsang.


Yaba ba re ho yena: “Modimo wa Baheberu o teane le rona; re dumelle jwale, re a kopa, re nke leeto la matsatsi a mararo, re ye lehwatateng, re yo etsetsa Morena Modimo wa rona, sehlabelo, esere a re bolaya ka lefu la sewa, kapa ka sabole.”


empa Faro a ke ke a le mamela. Ke tla otla Egepeta ka letsoho la ka, ka dikahlolo tse boima, ke ntshe mabotho a ka, setjhaba sa ka, bana ba Iseraele, naheng ya Egepeta.


Dingaka tsa re ho Faro: “Hona ke monwana wa Modimo.” Empa pelo ya Faro ya nna ya thatafala, mme a se ke a ba a ba mamela, jwalokaha Morena a ne a boletse.


“Ka le otla ka mafu a sewa, ka le otla sa mohla ke otlang Egepeta. Bahlankana ba lona ka ba bolaya ka sabole, ka bolaya le dipere tsa lona, pere tse hapilweng. Seputa se ka diahelong tsa lona sa le nkgela, leha ho le jwalo ha le a ka la kgutlela ho nna,” ho rialo Morena.


Jwale, bona, letsoho la Morena le a o otla: o tla foufala, o se ke wa bona letsatsi ka nako e itseng.” Hanghang mohodi le lefifi tsa mo aparela, mme a nna a phopholetsa ho batla ya ka mo tataisang ka letsoho.


Jwale le shebe! Haeba areka e nyolosa ka mmila o yang Bete-Shemeshe, naheng ya habo yona, e tla ba ke Modimo he, ya re etseditseng koduwa ena e kgolo, empa haeba ho se jwalo, re tla tseba hore hase Modimo ya re bolaileng, ke ntho e re hlahetseng e ne e sa rerwa.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos