Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 9:2 - BIBELE

2 Haeba o ntse o hana ho se lokolla, o ntse o se thibela,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Hobane ha o hana ho se lokolla, o ntse o ba thibela,

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 9:2
15 Referencias Cruzadas  

Modimo wa rona ke Modimo ya pholosang; Morena ke Morena wa rona, Morena ya re phemisang lefu.


Haeba o hana ho lokolla setjhaba sa ka, bona, hosasane ke tla tlisa ditsie naheng ena ya hao.


Ke o boleletse hore o mo lokolle, a yo ntshebeletsa, empa o hanne; bona, ke tla bolaya mora wa hao wa letsibolo.’ ”


Kamora tsena Moshe le Arone ba ya ho Faro, ba re ho yena: “Morena, Modimo wa Iseraele, o re: ‘Lokolla setjhaba sa ka, se tle se yo nketsetsa mokete lehwatateng.’ ”


Haeba o hana ho se lokolla, bona, ke tla otla naha yohle ka dihohwana.


Jwale Morena a re ho Moshe: “O tle o tsohe ka madungwadungwana, o yo ema kapele ho Faro, o re ho yena: Morena Modimo wa Baheberu, o bua tjena, o re: ‘Lokolla setjhaba sa ka, se yo ntshebeletsa.


bona, Morena o tla bolaya diphoofolo tsa hao tse naheng: dipere, le ditonki, le dikamele, le mehlape ya dikgomo, le ya dinku, ka lefu la sewa le leholo haholo.


haeba le ikganela, le bile le mphetohela, le tla bolawa ka sabole,” ho rialo Morena.


Empa ba ithatang bobona, ba sa lateleng nnete, ba mpang ba latela bokgopo, ba tla putswa ka kgalefo le bohale.


Batho ba tjheswa ke lebatama le leholo, mme ba nyefola lebitso la Modimo ya nang le matla hodima dikotlo tsena, empa ha ba a ka ba baka, hore ba tle ba mo tlotlise.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos