Hamorao, Moshe le Aarone ba tla ho Faro, ba re ho yena: Ho thwe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Lokolla setjhaba sa ka, se yo nketsetsa mokete lefeelleng.
Yaba Jehova o re ho Moshe: Tsohela ka meso, o itlhahise pela Faro, o re ho yena: Ho thwe ke Jehova, Modimo wa Baheberu: Lokolla setjhaba sa ka, se ye ho ntshebeletsa.
bona, letsoho la Jehova le tla ba boima hodima mehlape ya hao e naheng, dipere le diesele le dikamele le makgomo le manku, ka lefu le leholo ka ho fetisisa.
Batho ba tjheswa ka lebatama le fetisang, mme ba nyefola lebitso la Modimo o laolang dikotsi tseo, mme ha ba ka ba baka, ha ba ka ba isa thoriso ho wona.