Eksoda 6:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Moshe a bolela jwalo ho bana ba Iseraele, empa ha ba ka ba mamela Moshe ka baka la bohloko ba pelo le la bokgoba bo thata. BIBELE Moshe a bua tjena ho bana ba Iseraele, empa ha ba a ka ba mo mamela, ka baka la ho nyahama dipelo, le ka baka la bokgoba bo thata. |
ba ba sulafaletsa bophelo ba bona ka mosebetsi o boima wa seretse le wa setene, le ka mesebetsi yohle ya masimo, mosebetsi oo, wohle wa bona ba ne ba ba sebedisa wona ka ho ba tuba.
Na hase yona taba eo re o boleletseng yona Egepeta, ra re: Re tlohele, re sebeletse Baegepeta? Ho ne ho le molemo ho rona ho nna re sebeletsa Baegepeta, ho fetisa ho tla shwa lefeelleng.
Ditshiu tse ngata ha di fetile, morena wa Baegepeta a shwa. Haele bana ba Iseraele, ba ne ba ntse ba dumaela ka baka la ho tubeha ha bona, ba meketsa, mme ho meketsa ha bona ha fihla ho Modimo, kamoo ba tubehang kateng.
ba re ho bona: Jehova a le tadime, mme a re ahlolele, haele mona le re entse sebodu mahlong a Faro le mahlong a bahlanka ba hae, mme le ba neile lerumo la ho re bolaya.
Ba tloha thabeng ya Hore ka tsela ya Lewatle le Lefubedu, ba pota naha ya Edomo. Tseleng, setjhaba sa fellwa ke pelo, mme batho ba bua hampe ka Modimo le ka Moshe, ba re: