Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 14:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Na hase yona taba eo re o boleletseng yona Egepeta, ra re: Re tlohele, re sebeletse Baegepeta? Ho ne ho le molemo ho rona ho nna re sebeletsa Baegepeta, ho fetisa ho tla shwa lefeelleng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Na ha re a ka ra o bolella pele re tloha Egepeta, ra re: ‘Re hlokomolohe, o re tlohelle re sebeletse Baegepeta’? Ho molemo ho rona ho sebeletsa Baegepeta, ho ena le hore re tlo shwela lehwatateng mona!”

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 14:12
11 Referencias Cruzadas  

Bontata rona ha ba ka ba nahana mehlolo ya hao Egepeta, ha ba ka ba elellwa bongata ba mehauhelo ya hao, ba mpa ba ikgantsha pela lewatle, Lewatle le Lefubedu.


Eitse hoba Faro a lokolle setjhaba, Modimo ha o a ka wa ba tsamaisa ka tsela ya naha ya Bafiliseta, leha e ne e le haufi; hobane Modimo wa na wa re: E se re mohlomong setjhaba sa kweneha ha se bona ntwa, mme sa boela Egepeta.


Mme jwale, ke mona mohoo wa bana ba Iseraele o fihlile ho nna, ke bile ke bone le ho tuba hoo Baegepeta ba ba tubang ka hona.


ba re ho bona: Jehova a le tadime, mme a re ahlolele, haele mona le re entse sebodu mahlong a Faro le mahlong a bahlanka ba hae, mme le ba neile lerumo la ho re bolaya.


Moshe a bolela jwalo ho bana ba Iseraele, empa ha ba ka ba mamela Moshe ka baka la bohloko ba pelo le la bokgoba bo thata.


Efraime o kgomaretse ditshwantsho; mo tlohele!


Mme jwale, ke re: Jehova, lata hle bophelo ba ka, hobane ho ka bang molemo ho nna ke ho shwa, e seng ho phela.


Yare ha tsatsi le tjhaba, Jehova a hlahisa moya o bohale wa botjhabela, mme letsatsi la bata hlooho ya Jonase, a ba a kgathala, a qela lefu, a re: Ho leng molemo ho nna ke ho shwa, e seng ho phela.


a re: Taba ya rona le wena ke efe, wena Jesu wa Nasaretha? Hleka o tlile ho re timetsa na? Ke a o tseba, o Mohalaledi wa Modimo.


A ntoo howa ka lentswe le leholo, a re: Taba ya ka le wena keng, Jesu, Mora Modimo o moholoholo? Ke o antsha ka Modimo, hore o se ke wa ntlhokofatsa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos