Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 14:12 - BIBELE

12 Na ha re a ka ra o bolella pele re tloha Egepeta, ra re: ‘Re hlokomolohe, o re tlohelle re sebeletse Baegepeta’? Ho molemo ho rona ho sebeletsa Baegepeta, ho ena le hore re tlo shwela lehwatateng mona!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Na hase yona taba eo re o boleletseng yona Egepeta, ra re: Re tlohele, re sebeletse Baegepeta? Ho ne ho le molemo ho rona ho nna re sebeletsa Baegepeta, ho fetisa ho tla shwa lefeelleng.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 14:12
11 Referencias Cruzadas  

Bo-ntata rona, ha ba sa le Egepeta, ha ba a ka ba utlwisisa dimakatso tsa hao; ba ile ba lebala mohau wa hao o moholo, ba mpa ba fetohela Ya Hodimodimo ha ba le Lewatleng la Sufe.


Ha Faro a se a lokolotse setjhaba, Modimo ha a a ka a se tsamaisa ka tsela ya Filesitia, leha e ne e le haufi, hobane Modimo o ne a re: “Mohlomong setjhaba se ka tshoha se kweneha ha se bona ntwa, mme sa kgutlela Egepeta.”


Bona, sello sa bana ba Iseraele se fihlile ho nna; le nna ke bone kgatello ya bona, eo Baegepeta ba ba hateletseng ka yona.


mme ba re ho bona: “Morena a ke a le bone, a le ahlole, hobane le entse hore re be batho ba kgopo mahlong a Faro, le mahlong a bahlanka ba hae, la ba nea sabole matsohong, hore ba re bolaye!”


Moshe a bua tjena ho bana ba Iseraele, empa ha ba a ka ba mo mamela, ka baka la ho nyahama dipelo, le ka baka la bokgoba bo thata.


Efraime o kgomaretse medingwana, mo leseng, le mo tlohele.


Ka baka leo, oho, Morena, mpe o mpolaye, hobane ho molemo ho nna hore ke shwe, ho ena le hore ke nne ke phele.”


Ha letsatsi le tjhaba, Modimo a tsosa moya o tjhesang, o hlahang botjhabela, mme letsatsi la bataola Jonase hloohong, hoo a bileng a akgeha. A itakaletsa lefu, a re: “Ho ka ba molemo ho nna hore ke shwe, ho ena le hore ke nne ke phele.”


a re: “O re kene kang, Jesu wa Nasaretha? Na o tlilo re timetsa? Ke a tseba hore na o mang: O Ya Halalelang wa Modimo!”


A howa ka lentswe le phahameng, a re: “O nkene kang, Jesu, Mora wa Modimo ya hodimodimo? Ke o rapela ka lebitso la Modimo hore o se ke wa ntlhokofatsa.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos