Yare hobane dikamele di qete ho nwa, monna eo a nka lesale la kgauta la boima ba halofo ya shekele, le mefitshana e mmedi ya matsoho ya dishekele tse leshome tsa kgauta,
Eksoda 32:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba setjhaba kaofela se rola masale a kgauta a ditsebeng tsa sona, ba a tlisa ho Aarone. BIBELE Setjhaba sohle sa rola masale a kgauta, ao se neng se a rwetse ditsebeng, sa a tlisa ho Arone. |
Yare hobane dikamele di qete ho nwa, monna eo a nka lesale la kgauta la boima ba halofo ya shekele, le mefitshana e mmedi ya matsoho ya dishekele tse leshome tsa kgauta,
Yaba ba nea Jakobo medimo yohle esele e diatleng tsa bona, le masale a ditsebeng tsa bona; Jakobo a di epela tlasa sefate sa eike se pela Sikeme.
Yaba Aarone o re: Rodisang basadi ba lona le bara ba lona le baradi ba lona masale a kgauta a ditsebeng tsa bona, le ntlisetse wona.
Yena a a amohela matsohong a bona, a seta kgauta ka moseto, mme a etsa namane e tsholotsweng. Ba re: Oho Iseraele, modimo wa hao ke oo, o o ntshitseng fatsheng la Egepeta!
Ba ntsha kgauta mekotleng ya bona, ba lekanya silefera ka sekala, ba ipatlela setei, ba se putsa hore ka tseo se ba etsetse modimo, ba tle ba kgumame pela wona, ba o rapele.
Ho latilwe silefera Tarshishe, e teilwe maqephenyana, le kgauta ya Ufase; e sebeditswe ke setei le ke matsoho a moqhibidisi; meaparo ke ya purepera e putswa le e kgubedu, kaofela ha ntho tseo ke mosebetsi wa ba masene.