Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 24:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Yare hobane dikamele di qete ho nwa, monna eo a nka lesale la kgauta la boima ba halofo ya shekele, le mefitshana e mmedi ya matsoho ya dishekele tse leshome tsa kgauta,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Yare hoba dikamele di qete ho nwa, monna eo a nka lesale la kgauta le etsang boima ba dikeramo tse hlano le halofo, le dipetja tsa kgauta tse pedi tsa matsohong, tse etsang boima ba dikeramo tse lekgolo le leshome.

Ver Capítulo Copiar




Genese 24:22
16 Referencias Cruzadas  

Yaba mohlanka o nka dikamele tse leshome ho dikamele tsa mong a hae, a tsamaya; etswe dintho tsohle tsa mong a hae di ne di le diatleng tsa hae; a tloha, a ya Mesopotamia, motseng wa Nakore.


a re: O moradi wa mang? Ako mpolelle! Hleka sebaka se teng ka tlung ya ntatao moo re ka hlolang bosiu teng?


Yare hobane a bone lesale, le mefitshana matsohong a kgaitsedi ya hae, mme a utlwe le dipolelo tsa Rebeka, kgaitsedi ya hae, ha a re: Monna o buile le nna ka hore hoitseng; a ya ho monna eo, a mmona a sa ntse a dutse ho dikamele pela sediba.


Ka ntoo mmotsa, ka re: O moradi wa mang? A re: Ke moradi wa Bethuele, mora Nakore, eo a mo tswaletsweng ke Milka. Yaba ke kenya lesale nkong ya hae, ka mo rwesa, le mefitshana matsohong a hae.


Yaba mohlanka o ntsha mekgabo ya silefera, le mekgabo ya kgaura, le meaparo, a e nea Rebeka; mme a nea kgaitsedie le mmae mesebetsi ya bohlokwa.


Ka tsatsi la boraro, Esthere a apara seaparo sa hae sa bofumahadi, mme a itlhahisa lebaleng le kahare ho ntlo ya morena, kapele ho ntlo ya morena; morena o ne a dutse teroneng ya mmuso wa hae tlung ya borena, maloka le monyako wa ntlo.


Silefera e na le moo e rafshwang teng, kgauta e na le moo e tjhekwang teng, hore e be e hlwekiswe;


Na morwetsana a ka lebala mekgabo ya hae, kapa monyaduwa a ka lebala senyepa sa hae? Empa setjhaba sa ka se ntebetse ka ditshiu tse sa balweng.


Ka ithekela tshimo ya Hanameele, ngwana rangwane, e Anathothe, ka mo lekanyetsa ditjhelete, e leng dishekele tsa silefera tse leshome le metso e supileng.


Ho hlopheha ha lona e se ke ya eba ho kantle, e leng moriri o forilweng, kapa dikgabisotsa kgauta, kapa diaparo tsa ho kgaba;


Haele ka ho hong, ke re: Bohle le be le kgopolo e le nngwe, le hauhelane, le ratane le baena, le be le mohau, le be le mosa;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos