Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 3:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 le masale a mmofa, le mefitshana, le masira a kase,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 masale, dipetja le wona masira;

Ver Capítulo Copiar




Isaia 3:19
14 Referencias Cruzadas  

Yare hobane dikamele di qete ho nwa, monna eo a nka lesale la kgauta la boima ba halofo ya shekele, le mefitshana e mmedi ya matsoho ya dishekele tse leshome tsa kgauta,


Yare hobane a bone lesale, le mefitshana matsohong a kgaitsedi ya hae, mme a utlwe le dipolelo tsa Rebeka, kgaitsedi ya hae, ha a re: Monna o buile le nna ka hore hoitseng; a ya ho monna eo, a mmona a sa ntse a dutse ho dikamele pela sediba.


Yaba mohlanka o ntsha mekgabo ya silefera, le mekgabo ya kgaura, le meaparo, a e nea Rebeka; mme a nea kgaitsedie le mmae mesebetsi ya bohlokwa.


Yaba ba nea Jakobo medimo yohle esele e diatleng tsa bona, le masale a ditsebeng tsa bona; Jakobo a di epela tlasa sefate sa eike se pela Sikeme.


A re: Ke o nee tebeletso efe? A re: Lesale la tiiso la hao, le leqhwele la hao, le lere le letsohong la hao. Yaba o a mo nea, a yo ho yena; mosadi a emodiswa ke yena.


Eitse ha ba re ba mo ntsha, a romela ho matsalae, a re: Ke emodisitswe ke monna eo ntho tsena e leng tsa hae; mme a re: Ako tsebe hore na tsena ke tsa mang; lesale la tiiso, le leqhwele, le lere?


Yaba Aarone o re: Rodisang basadi ba lona le bara ba lona le baradi ba lona masale a kgauta a ditsebeng tsa bona, le ntlisetse wona.


Yaba setjhaba kaofela se rola masale a kgauta a ditsebeng tsa sona, ba a tlisa ho Aarone.


Banna ba tla ba ena le basadi; bohle ba pelo tse ithatetseng ba tlisa dihaka, le masale, le ditona, le mefitshana, le mesebetsi e meng ya kgauta ya mefutafuta; motho ka mong a hlahisa mpho ya kgauta eo a e hlahisetsang Jehova.


Mohlang oo, Morena o tla tlosa ditsela tse maqaqailaneng, le meqhaka, le maphaketsana,


le mefapahlooho, le merutlwana, le dinyepa, le dikooma tsa ditlolo, le dithatho,


Ka ba ka o tlatlapetsa mekgabo; ka o rwesa mefitshana matsohong, le sefaha molaleng;


ka kenya lesale nkong ya hao le masale ditsebeng, ka o rwesa le moqhaka o motle hloohong.


Re tliseditse Jehova nyehelo ya dintho tsa kgauta tseo e mong le e mong wa rona a di fumaneng, maqakatsa, le dipetja, le masale a menwana le a mmofa, le matjekwana, ho tle ho etsetswe meya ya rona pheko pela Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos