Eitse ha ngwana a hodile, a mo tlisa ho moradi wa Faro, mme ya eba mora wa hae, a mo rea lebitso la Moshe, a re: Ke hobane ke mo ntshitse metsing.
Eksoda 2:21 - Sesotho 1909/1961 (SO) Moshe a rata ho aha ha monna eo, mme a mo nyadisa Sefora, moradi wa hae. BIBELE Moshe a utlwisisa ho dula ha monna eo, mme monna eo a mo nea Sefora, moradi wa hae. |
Eitse ha ngwana a hodile, a mo tlisa ho moradi wa Faro, mme ya eba mora wa hae, a mo rea lebitso la Moshe, a re: Ke hobane ke mo ntshitse metsing.
Yaba o re ho baradi ba hae: Homme o kae? Monna eo le mo sietseng? Mmitseng, a tlo ja bohobe.
Moshe a nna a alosa manku a Jethro mohwehadi wa hae, moprista wa Midiane; mme a isa mohlape kapele ho lefeella, a fihla thabeng ya Modimo, Horebe.
Yaba Moshe o a tsamaya, a boela ho Jethro mohwehadi wa hae, a re ho yena: Ako ntumelle, nke ke boele ho banabeso ba Egepeta, ke bone hore na ba sa ntse ba phedile na. Jethro a re ho Moshe: Tsamaya ka kgotso.
Moshe a re ho Hobabe mora Reuele, Momidiane, mohwehadi wa Moshe: Re a tloha, re ya sebakeng seo Jehova a itseng: Ke tla le nea sona. Tloo le rona; re tla o etsa hantle; hobane Jehova o itse o tla etsa Iseraele hantle.
Miriame le Aarone ba seba Moshe, bakeng sa mosadi wa Kushe, eo a neng a mo myetse; hobane o ne a nyetse mosadi wa Kushe; ba re:
Jwale, ka baka la polelo eo, Moshe a baleha, a ya jaka naheng ya Midiane, mme a tswala bara ba babedi teng.
a mpa a ikgethela ho tshwenngwa le setjhaba sa Modimo, e seng ho thabela menate ya dibe e felang kapele;
Ketso tsa lona di hloke takatso ya ho rua; le kgolwe ke tseo le nang le tsona; hobane Modimo ka sebele o itse: Nke ke ka o tlohela, nke ke ka o lahla.