Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 4:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Yaba Moshe o a tsamaya, a boela ho Jethro mohwehadi wa hae, a re ho yena: Ako ntumelle, nke ke boele ho banabeso ba Egepeta, ke bone hore na ba sa ntse ba phedile na. Jethro a re ho Moshe: Tsamaya ka kgotso.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Moshe a tsamaya, a kgutlela ho Jethero, mohwe wa hae, a re ho yena: “Ke a o kopa: Ako ntumelle ke kgutlele ho bana beso ba Egepeta, ke yo bona hore na ba sa phela.” Yaba Jethero o re ho Moshe: “Tsamaya ka kgotso!”

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 4:18
11 Referencias Cruzadas  

Yaba Josefa o re ho banababo: Ke nna Josefa; a ntate o sa phela na? Empa banababo ba sitwa ho mo araba, hobane ba ne ba sisimoloha ha ba mmona.


Elisha a mo romela lenqosa, a re: Eya o itlhatswe hasupa Jordane, mme nama ya hao e tla boela ho wena e ntjhafetse, o hlweke.


Elisha a re ho yena: Eya ka kgotso. A mo tlohela jwalo, a tsamaya sebakanyana.


Moshe a rata ho aha ha monna eo, mme a mo nyadisa Sefora, moradi wa hae.


Moshe a nna a alosa manku a Jethro mohwehadi wa hae, moprista wa Midiane; mme a isa mohlape kapele ho lefeella, a fihla thabeng ya Modimo, Horebe.


Jesu a mpa a re ho mosadi: Tumelo ya hao e o pholositse; eya ka kgotso.


Eitse hobane ho fete matsatsi a se makae, Pauluse a re ho Barnabase: Ha re boeleng re etele baena ba rona metseng yohle eo re boletseng lentswe la Morena ho yona, re bone kamoo ba dutseng kateng.


Molebedi wa teronko a bolella Pauluse taba eo, a re: Babusi ba rometse hore le leswe, le ikele; jwale, le ka tswa, la ikela ka kgotso.


Bahlanka bohle ba jokong ba lekanye hoba beng ba bona ba loketswe ke hlompho yohle, lebitso la Modimo le thuto di tle di se ke tsa nyefolwa.


Moprista a re: Eyang ka kgotso; leeto la lona leo le le nkileng le pela Jehova.


Ebile moo Eli a arabang, a re: Ikele ka kgotso, mme Modimo wa Iseraele o o fe seo o se kopileng ho wona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos