La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Eksoda 13:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Le je bohobe bo sa lomoswang ka matsatsi a supileng, mme tsatsi la bosupa ebe mokete wa Jehova.

Ver Capítulo

BIBELE

Ka matsatsi a supileng le je bohobe bo sa lomoswang, mme ka letsatsi la bosupa e be mokete wa Morena.

Ver Capítulo



Eksoda 13:6
6 Referencias Cruzadas  

Bana ba Iseraele ba neng ba le Jerusalema ba etsa mokete wa mahobe a se nang ditomoso jwaloka tshiu tse supileng, ka thabo e kgolo; Balevi le baprista bona ba nna ba boka Jehova ka letsatsi le letsatsi, ka diletsa tse matla tsa Jehova.


O ke o boloke mokete wa mahobe a se nang ditomoso: ka matsatsi a supileng o tla ja mahobe a se nang ditomoso, jwalokaha ke o laetse, nakong e beilweng ya kgwedi ya Abibe: hobane ke ka kgwedi ya Abibe o tswileng Egepeta.


Ka matsatsi a supileng, le tla hlahisetsa Jehova mahlabelo a tjheswang ka mollo. Ka letsatsi la bosupa, phutheho e halalelang e tla ba teng; le se ke la etsa mosebetsi le o mong ka lona.


Ka matsatsi a tsheletseng, o je bohobe bo sa lomoswang; haele letsatsi la bosupa ke la phutheho e kgolo ya Jehova, Modimo wa hao; o se ke wa etsa mosebetsi leha o le mong ka lona.


Ka tsatsi le hlahlamang Paseka, ba eja koro ya lefatshe leo; ka lona tsatsi leo, ba eja bohobe bo sa lomoswang le diqhome.