Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 23:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ka matsatsi a supileng, le tla hlahisetsa Jehova mahlabelo a tjheswang ka mollo. Ka letsatsi la bosupa, phutheho e halalelang e tla ba teng; le se ke la etsa mosebetsi le o mong ka lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Ka matsatsi a supileng le tla etsetsa Morena nyehelo ya setjheso. Letsatsi la bosupa ke la phutheho e halalelang, le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe ka letsatsi leo.’ ”

Ver Capítulo Copiar




Levitike 23:8
9 Referencias Cruzadas  

Ka tsatsi la pele, phutheho e kgethehileng e tla ba teng, le ka tsatsi la bosupa ho be le phutheho e kgethehileng hara lona. Ha ho ka ke ha etswa mosebetsi le o mong ka matsatsi ao, haese wa seo batho ba se jang; ke wona feela o ka etswang ke lona.


Le je bohobe bo sa lomoswang ka matsatsi a supileng, mme tsatsi la bosupa ebe mokete wa Jehova.


Hape, ka matsatsi a supileng a mokete, o tla hlabela Jehova dipoho tse supileng le dipheleu tse supileng tse se nang sekodi, ka mokgwa wa ditjheso, ka tsatsi le leng le le leng ho matsatsi ao a supileng; hape, a hlabe phooko ka tsatsi le leng le le leng, e le sehlabelo sa sebe.


Ka letsatsi la pele, le tla ba le phutheho e halalelang; le se ke la sebetsa mosebetsi le o mong.


Jehova a boela a bua le Moshe, a re:


Ka tsatsi la pele, le tla ba le phutheho e kgethehileng; le ke ke la etsa mosebetsi le o mong ka lona.


Di tla hlahiswa kantle ho setjheso sa kamehla le tshelo ya sona. Ka tsatsi la bosupa, le tla ba le phutheho e kgethehileng, mme le ke ke la etsa mosebetsi le o mong ka tsatsi leo.


Ka tsatsi la dithakangwaha, ha le hlahisetsa Jehova nyehelo e ntja, e leng ka mokete wa lona wa diveke, le tla ba le phutheho e kgethehileng; le ke ke la etsa mosebetsi le o mong ka lona.


Ka matsatsi a tsheletseng, o je bohobe bo sa lomoswang; haele letsatsi la bosupa ke la phutheho e kgolo ya Jehova, Modimo wa hao; o se ke wa etsa mosebetsi leha o le mong ka lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos