Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 23:8 - BIBELE

8 Ka matsatsi a supileng le tla etsetsa Morena nyehelo ya setjheso. Letsatsi la bosupa ke la phutheho e halalelang, le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe ka letsatsi leo.’ ”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ka matsatsi a supileng, le tla hlahisetsa Jehova mahlabelo a tjheswang ka mollo. Ka letsatsi la bosupa, phutheho e halalelang e tla ba teng; le se ke la etsa mosebetsi le o mong ka lona.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 23:8
9 Referencias Cruzadas  

Ka letsatsi la pele ho tla ba le phutheho e halalelang, le ka letsatsi la bosupa e tla ba teng; ho se be mosebetsi oo le tla o etsa ka matsatsi ao, haese feela ho lokisa ho ka jewang; hoo ke hona feela hoo le ka ho etsang.


Ka matsatsi a supileng le je bohobe bo sa lomoswang, mme ka letsatsi la bosupa e be mokete wa Morena.


Ka letsatsi le leng le le leng la matsatsi a supileng a mokete, kgosana e tla etsetsa Morena nyehelo ya setjheso ka dipohwana tse supileng tse se nang sepha, le ka dipheleu tse supileng tse se nang sepha. Ka letsatsi le leng le le leng la matsatsi a supileng, e nke potsanyane, e etse nyehelo e tlosang sebe.


Ka letsatsi la pele le tla ba le phutheho e halalelang, le se ke la etsa mosebetsi ofe kapa ofe ka letsatsi leo.


Morena a bua ho Moshe, a re:


Ka letsatsi la pele ho tla ba le phutheho e halalelang; le se ke la sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe.


Ka letsatsi la bosupa ho tla ba le phutheho e halalelang, mme le se ke la sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe.’ ”


“ ‘Ka letsatsi la dilopotsiya, ha le nyehella Morena ka nyehelo ya dijo tse ntjha, moketeng wa lona wa dibeke, ho tla ba le phutheho e halalelang, mme le se ke la sebetsa mosebetsi ofe kapa ofe.


Ka matsatsi a tsheletseng le tla ja bohobe bo sa lomoswang, empa letsatsi la bosupa e tla ba la phutheho e kgolo, e mahlonoko ya ho tlotla Morena Modimo wa lona. Le se ke la etsa mosebetsi le o mong ka letsatsi leo.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos