Ha ho le jwalo, ka kgwedi ya ho qala, e leng kgwedi ya Nisane, selemong sa leshome le metso e mmedi sa morena Assueruse, ha laolwa Pure, ke ho re, lotho, pela Hamane, bakeng sa letsatsi le leng le le leng le sa kgwedi e nngwe le e nngwe, ho isa kgweding ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Adare.
Ka kgwedi ya pele, ka tsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi, mantsiboya, le tla ja bohobe bo se nang ditomoso, ho fihlela letsatsi la mashome a mabedi a motso o mong la kgwedi, mantsiboya.
Bolellang phutheho yohle ya Iseraele, le re: Ka tsatsi la leshome la kgwedi ena, e mong le e mong a inkele konyana, kapa potsanyane, ka matlo a bontata bona, ntlo le ntlo e be le konyana.
Moshe a re ho setjhaba: Elellwang letsatsi lena leo le tswileng ka lona Egepeta, tlung ya bohlanka, hobane Jehova o le ntshitse teng ka letsoho le matla; le se ke la ja se lomositsweng ka lona.
O tla boloka mokete wa mahobe a sa lomoswang; ka matsatsi a supileng, ka nako e beilweng ya kgwedi ya Abibe, o tla ja mahobe a se nang ditomoso, jwalokaha ke o laetse; hobane ke ka yona kgwedi eo o tswileng Egepeta. Motho a se ke a hlaha pela ka a sa tshwara letho.
O ke o boloke mokete wa mahobe a se nang ditomoso: ka matsatsi a supileng o tla ja mahobe a se nang ditomoso, jwalokaha ke o laetse, nakong e beilweng ya kgwedi ya Abibe: hobane ke ka kgwedi ya Abibe o tswileng Egepeta.
Ka kgwedi ya pele, ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi, le tla ba le Paseka, mokete wa matsatsi a supileng; ho tla jewa mahobe a se nang ditomoso.
Elellwa kgwedi ya Abibe, mme o etsetse Jehova, Modimo wa hao, Paseka ka yona; hobane ke ka kgwedi ya Abibe, Jehova, Modimo wa hao, a o ntshitseng naheng ya Egepeta bosiu.