Eitse ka selemo sa mashome a mararo, ka kgwedi ya bone, ka tsatsi la bohlano la kgwedi, ha ke ne ke le hara ba isitsweng kgolehong nokeng ya Kebare, mahodimo a phetlwa, mme ka bona pono tse hlollang tsa Modimo.
Daniele 8:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ka selemo sa boraro sa ho busa ha Belshatsare, ka hlahelwa ke pono, ke le Daniele, kamora e ntlhahetseng pele. BIBELE Ka selemo sa boraro sa puso ya kgosi Beleshasare, nna Daniele, ke ile ka bona pono e nngwe hape, ntle ho dipono tseo ke neng ke ile ka di bona pele. |
Eitse ka selemo sa mashome a mararo, ka kgwedi ya bone, ka tsatsi la bohlano la kgwedi, ha ke ne ke le hara ba isitsweng kgolehong nokeng ya Kebare, mahodimo a phetlwa, mme ka bona pono tse hlollang tsa Modimo.
Bahlankana ba bane bao, Modimo wa ba fa tsebo le kutlwisiso ya mangolo kaofela le ya bohlale bohle; hape, Daniele a ba le kutlwisiso ya dipono tsohle le ya ditoro.
Nna Daniele, ka bona pono eo ke nnotshi, mme banna bao ke nang le bona ha ba ka ba bona pono eo; empa ba tshwarwa ke tshabo e kgolo, ba baleha, ba ipata.
Etlare ha a se a phahame, mmuso wa hae o tla robakwa dikoto, o arolelwe meya e mene ya mahodimo, empa e ke ke ya eba wa ditloholo tsa hae, mme matla a wona a ke ke a lekana le matla a wona a pele, hobane mmuso wa hae o ya haholwa, o arolelwe basele, o seng bao.
Ka selemo se qalang puso ya Belshatsare, morena wa Babilona, Daniele a bona toro a le ditaong tsa hae, mme a ba le dipono moyeng wa hae; a ngola toro eo, a bolela dihlooho tsa yona.
Nna Daniele, ka utlwa pelo ya ka e sisa e hlomohile ka teng ho nna, mme ka tshoha dipono tsa ka.
Dipolelo tseo di fella moo. Nna Daniele, ka tshoha dipono tsa ka haholo, mme sefahleho sa ka sa hlwenya; empa ka boloka dipolelo tseo pelong ya ka.
Mme nna Daniele, ha ke sa ntse ke tadima pono eo, ke ntse ke batla ho e utlwisisa, bonang, ha ema pela ka e mong ya nang le sebopeho sa motho.
Eitse ha ke tadima, ha eba jwaloka hoja ke le Susane, motse wa moreneng wa naha ya Elame; ha ke tadima ponong, ka fumana ke dutse pela noka e kgolo ya Ulai.
ka selemo se qalang puso ya hae, nna Daniele, ka utlwa ka dibuka hore palo ya dilemo tseo Jehova a neng a di boleletse moporofeta Jeremia, tse neng di tla phetheha, Jerusalema a se a senyehile, ke dilemo tse mashome a supileng.