Jo! modumo wa ditjhaba tse ngata! Di duma jwaloka lewatle ha le duma. Jo! lerata la ditjhaba, e leng lerata le kang la metsi a mangata!
Daniele 7:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Daniele a bua, a re: Diponong tsa ka tsa bosiu ha ke tadima, ka bona meya e mene ya lehodimo e tsohile matla hodima lewatle le leholo. BIBELE Daniele a bua, a re: “Bosiu, ponong ya ka, ke ile ka bona sefefo se matla, se tswang diqoleng tse nne tsa lefatshe, se tuduanya lewatle le leholo. |
Jo! modumo wa ditjhaba tse ngata! Di duma jwaloka lewatle ha le duma. Jo! lerata la ditjhaba, e leng lerata le kang la metsi a mangata!
Ke tla hlahisetsa Elame meya e mene e tswang ntlheng tse nne tsa lehodimo, ke ba hasanyetse meyeng eo yohle, ho tle ho se be setjhaba seo bajaki ba Elame ba sa fihleng ho sona.
Etlare ha a se a phahame, mmuso wa hae o tla robakwa dikoto, o arolelwe meya e mene ya mahodimo, empa e ke ke ya eba wa ditloholo tsa hae, mme matla a wona a ke ke a lekana le matla a wona a pele, hobane mmuso wa hae o ya haholwa, o arolelwe basele, o seng bao.
Yaba sephiri seo se senolelwa Daniele ponong ya bosiu; mme Daniele a boka Modimo wa lehodimo.
Ka ba ka tadima ka dipono tsa bosiu, mme bonang, e mong ya kang mora motho a hlaha ka maru a lehodimo, a fihla ho Moholo wa matsatsi, a atametswa ho yena;
Kamora moo, ha ke tadima diponong tsa ka tsa bosiu, ka bona sebatana sa bone se tshabehang, se bohale, se fetisang ka matla, se ena le meno a maholo a tshepe, se rusolla, se bjabjaretsa, se hatakela ho siilweng ka maoto a sona; se ne se le hosele ho dibatana tsohle tse se eteletseng pele; se ne se na le manaka a leshome.
Eitse ha ke tadima, ha eba jwaloka hoja ke le Susane, motse wa moreneng wa naha ya Elame; ha ke tadima ponong, ka fumana ke dutse pela noka e kgolo ya Ulai.
Yaba phooko e natlafala ka ho fetisisa, mme eitse hobane e fihle matleng a yona, lenaka le lelelele la kgoroha; bakeng sa lona ha mela manaka a mane a bonahalang ho lebana le meya e mene ya lehodimo.
Yaba lengeloi le nkarabela, la re: Tseo ke meya e mene ya lehodimo e tswang moo e emang pela Morena wa lefatshe lohle.
O tla roma mangeloi a hae a letsang diterompeta tse modumo o moholo, hore a bokelle bakgethwa ba hae meyeng e mene, ho qala pheletsong e nngwe ya mahodimo ho isa ho e nngwe.
Yaba lengeloi le re ho nna: Metsi ao o a boneng, ao seotswa se dutseng ho wona, ke merabe, le matshwele, le ditjhaba, le dipuo.
Kamora tseo, ka bona mangeloi a mane a eme dikgutlong tse nne tsa lefatshe, a thibetse meya e mene ya lefatshe, hore ho se ke ha eba moya o fokelang lefatsheng, le lewatleng, leha e le sefateng se le seng.