Hobane Jehova o ya senya Babilona, a fedise modumo o moholo ho yena; hobane ho duma maqhubu a bona jwaloka metsi a maholo, ho phahama modumo o tshabehang wa bona.
Empa bana ba hae ba tla qala ntwa, ba bokelle makgotla a mangatangata; e mong o tla futuha, a tlale hohle, a kgaphatsehe, a ntoo boya; o tla tiisa ho patela qhobosheane ya hae.
Kamora diveke tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi motlotsuwa o tla tloswa, ho se motho ya mo emelang; motse o tla senyeha le sehalalelo ke makgotla a morena e mong ya tla tla; bofelo ba wona e tla ba morwallo, mme dintwa di tla ba teng ho isa qetellong; ditshenyo tseo di se di laotswe.
Dipontsho di tla ba teng letsatsing, le kgweding, le dinaleding; le lefatsheng ditjhaba di tla tsieleha, di be le matswalo, lewatle le ntse le duma le maqhubu a lona.