Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 51:43 - Sesotho 1909/1961 (SO)

43 Metse ya hae e entswe lesupi feela, naha e tshehla le lefeela, lefatshe le se nang motho ya ahileng ho lona, leha e le ngwana motho ya fetang ka lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

43 Metse ya Babilona e ripitlilwe, naha e fetohile sekaka le lehwatata, naha e se nang baahi le batsamai.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 51:43
12 Referencias Cruzadas  

Tloong, le bohe diketso tsa Jehova, kamoo a sentseng lefatshe kateng.


A ke ke a tsoswa le ka mohla o le mong, batho ba ke ke ba aha teng ho isa mefuteng le mefuta; Baarabe ba ke ke ba hloma ditente tsa bona teng, badisa ba ke ke ba etsa meraka teng.


Meutlwa e tla mela matlung a marena a teng, bobatsi le dihlahla di mele diqhobosheaneng tsa teng, e be naha ya diphokojwe le makgulo a dimpshe.


Ka baka leo, tsietsi e tla o hlahela, eo o ke keng wa tseba ho e upa, bobe bo tla o wela hodimo, boo ho seng pheko eo o ka bo thibelang ka yona, le tshenyo eo o sa e tsebeng e tla tla hodima hao ka sehloho.


ba entse lefatshe la bona makatso le sesomo ka ho sa feleng, hore e mong le e mong ya tla feta ka lona a tle a makale, a sisinye hlooho ya hae.


Ha ba ka ba re: O kae Jehova, ya re nyolotseng lefatsheng la Egepeta, ya re tsamaisitseng lefeelleng, naheng e tshehla, ya dikoti, naheng e omileng, ya moriti wa lefu, naheng e se nang motho ya fetang teng, leha e le motho ya ahileng teng?


Mma lona o hlabisitswe dihlong haholoholo, ya le tswetseng o fetohile mmala: bonang, e se e le setjhaba se katlase ho ditjhaba tsohle, ke lefeella, naha e tshehla le nahathothe.


Lefatshe le a sisinyeha, le a thekesela, hobane morero wa Jehova o etsahalla Babilona ho fetola lefatshe la Babilona lesupi feela, le se nang moahi.


Babilona o tla etswa diqubu tsa majwe, leaho la diphokojwe, makatso le sesomo, moo ho seng moahi teng.


o re: Oho Jehova, bakeng sa nqalo ena, o boletse hore e tla ripitlwa, e se hlole e eba le moahi, leha e le motho, leha e le kgomo; empa e nne e be lefeella ka ho sa feleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos