Le iponele, le se ke la ba botswa tabeng eo; marena a ne a tla senyehelwa ka baka lang?
Daniele 6:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Haele Daniele, a phakisa a feta mahosana a mang le marenana a mang, hobane a ne a na le moya o phahamileng, mme morena a hopola ho mmea hodima mmuso kaofela. BIBELE Daniele a ikgetha hara baokamedi le mahosana, hobane moya wa bohlale o ne o le ka ho yena. Kahoo kgosi ya rera ho mo etsa mookamedi wa puso yohle. |
Le iponele, le se ke la ba botswa tabeng eo; marena a ne a tla senyehelwa ka baka lang?
Ka bea Hanani ngwaneso, le Hanania, molaodi wa qhobosheane, hore ba lebele Jerusalema; hobane e ne e le monna wa sebele, ya tshabang Modimo ho feta,
Hobane Mojuda Mordekai e ne e le wa bobedi, ya hlahlamang morena Assueruse; a ba moholo hara Bajuda le ya kgahlehang ho bongata ba banababo; a nna a batlela setjhaba sa habo molemo, a nna a buella bohle ba mofuta wa habo kgotso.
Ya itshwarang dipuong o tseba hlalefo, mme ya pelo e ikgutseditseng o na le kutlwisiso.
Na o lemohile motho ya mahlahahlaha mosebetsing wa hae? O tla ema pela marena, a ke ke a ema pela bao e leng batho feela.
Mme ka bona hobane bohlale bo molemo ho ena le bothoto, jwalokaha lesedi le le molemo ho ena le lefifi.
hobane moya o phahamileng, le tsebo, le kutlwisiso ya kwahollo ya ditoro, le qaqisetso ya dilotho, le hlalosetso ya dipotso tse thata, di nnile tsa fumanwa ho yena, e leng Daniele, eo morena a neng a fetole lebitso la hae ka la Beltsatsare; ha ho le jwalo, Daniele a ke a latwe, mme o tla o nea kwahollo.
Ke utlwile ha ho bolelwa, ho thwe, moya wa Modimo o ho wena, le hoba ho fumanwa ho wena lesedi, le kutlwisiso, le bohlale bo phahamileng.
Morena a howa ka matla hore dinohe di tliswe, le Bakalde le balepi ba dinaledi. Yaba, morena o bua, a re ho babohlale ba Babilona: Motho leha e le mang ya tla bala lengolo leo, ya tla nkwahollela lona, o tla apeswa purepera, a rweswe lehlaahlela la kgauta molaleng, a fuwe tulo ya boraro mmusong wa ka.
Eitse ha o sa qala ho rapela, lentswe la tswa leo ke tlileng ho o tsebisa lona, hobane o ya ratwang. Ela lentswe hloko, o utlwisise pono.