Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 10:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Hobane Mojuda Mordekai e ne e le wa bobedi, ya hlahlamang morena Assueruse; a ba moholo hara Bajuda le ya kgahlehang ho bongata ba banababo; a nna a batlela setjhaba sa habo molemo, a nna a buella bohle ba mofuta wa habo kgotso.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Moredekai wa Mojuda e ne e le yena ya hlahlamang kgosi Ahashuerushe, mme hara Bajuda e le yena ya ka sehloohong, a ratwa ke setjhaba sa habo. O ne a sebeletsa boiketlo ba setjhaba sa habo, mme a se buella hore se phediswe ka kgotso.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 10:3
17 Referencias Cruzadas  

Ke wena ya tlang ho ba mmusisi wa ntlo ya ka, mme setjhaba sa ka kaofela se tla buswa ka molomo wa hao; ke tla ba moholo ho wena ka terone feela.


O tla aha naheng ya Goshene, o be haufi le nna, wena le bana ba hao, le bana ba bana ba hao, le manku a hao, le makgomo a hao, le tsohle tseo o nang le tsona.


Ke tla o otla teng, hobane dilemo tsa tlala di sa tla di le hlano; hore o se ke wa fumaneha wena le ntlo ya hao, le ba leng ho wena kaofela.


Sikri, monna wa senatla wa Efraime, a bolaya Maaseia, mora morena, le Asrikame, modisa wa ntlo ya morena, le Elkana ya neng a balwa e le wa bobedi kamora morena.


Sanballate Mohorone, le Tobia mohlanka wa Moammone, ba swaba ka ho fetisisa ha ba utlwa hobane ho fihlile monna ya tla etsa bana ba Iseraele hantle.


Monna wa Mojuda o ne a le teng Susane, motse wa moreneng, ya bitswang Mordekai, mora Jaire, mora Shimei, mora Kishe, Mobenjamine.


Bahlanka bohle ba morena ba neng ba ema pela monyako wa morena, ba ne ba iname, ba kgumama pela Hamane: hobane morena a ne a laetse jwalo bakeng sa hae. Empa Mordekai o ne a sa iname, a sa kgumame.


Ha o fela o ka bala lengolo leno, wa ntsebisa taba tsa lona, o tla apeswa purepera, o rweswe lehlaahlela la kgauta molaleng wa hao, o bewe tulong ya boraro mmusong wa ka.


Yaba, ka taelo ya Belshatsare, Daniele o apeswa purepera, a rweswa lehlaahlela la kgauta molaleng, mme ha bolelwa pela hae hoba o tla dula tulong ya boraro ya mmuso.


Haele Daniele, a phakisa a feta mahosana a mang le marenana a mang, hobane a ne a na le moya o phahamileng, mme morena a hopola ho mmea hodima mmuso kaofela.


Banabeso, takatso ya pelo ya ka, le thapello eo ke e etsetsang Baiseraele ho Modimo, ke hore ba bolokehe.


Hobane ya sebeletsang Kreste nthong tseo, o kgahlisa Modimo, mme o emelwa ke batho.


Haele Baiseraele bohle le Bajuda, ba ne ba rata Davida, ha a ntse a etswa, a oroha pontsheng ya bona.


a re ho yena: Se tshabe, hobane letsoho la ntate Saule le ke ke la o fihlela; hape o tla ba morena wa Iseraele, nna ke be ya o hlahlamang; le ntate Saule o a tseba hobane ho tla ba jwalo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos