Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 10:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Haele mesebetsi yohle ya matla a hae, le diketso tsa hae tse phahameng, leha e le qaqiso ya boholo ba Mordekai, kamoo morena a kileng a mo phahamisa kateng, ha ke re, taba tseo di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa marena a Media le Persia?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Diketso tsohle tse bontshang matla a hae, le bonatla ba hae, le ditlhaloso tsa boholo boo kgosi e ileng ya phahamisetsa Moredekai ho bona, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Media le tsa Peresiya.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 10:2
10 Referencias Cruzadas  

Haele taba tse ding tsa Salomone, le tsohle tseo a di entseng, le bohlale ba hae, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa Salomone na?


Taba tse ding tsa Jeroboame, kamoo a lwanneng kateng, le kamoo a busitseng kateng, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele.


Haele taba tse ding tsa Akabe, le tsohle tseo a di entseng, le ntlo ya manaka a ditlou eo a e hahileng, le metse yohle eo a e hlomileng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?


Taba eo ya batlisiswa, mme ya fumanwa hobane e jwalo. Ba fanyehwa ba babedi sefateng; mme taba tseo tsa ngolwa bukeng ya ditaba tsa mmuso, pontsheng ya morena.


Bosiung bona boo, morena a hlobaela boroko; yaba o re, ho tliswe buka ya dikgopotso, ya ditaba tsa mmuso, ya ba ya balwa pela morena.


Mordekai a tloha pela morena a apere seaparo sa borena sa purepera le sa lene e tshweu, a rwetse moqhaka o moholo wa kgauta, a ena le kobo ya lene le sekarelata. Mme motse wa Susane wa etsa ditlatse, o thabile haholo.


Morena a rola lesale la hae leo a neng a le amohile Hamane, a le nea Mordekai; mme Esthere a bea Mordekai monga ntlo ya Hamane.


Hobane Mordekai o ne a le moholo tlung ya morena, mme botumo ba hae bo ne bo se bo ile dinaheng tsohle; hobane efela monna eo, Mordekai, o ne a eya a ntse a hola.


O nneile thebe ya poloko ya hao, letsoho la hao le letona le ntse le ntiisa, mme lereko la hao le nkgodisitse.


Yaba morena o phahamisa Daniele, a mo abela dineo tse ngata, tse kgolohadi, a mmea mmusisi wa naha yohle ya Babilona, le motsamaisi wa babohlale bohle ba Babilona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos