Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 1:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Monna o ne a le teng naheng ya Utse; lebitso la hae e le Jobo; e ne e le motho ya tsamayang ka ho loka le ka bokgabane, ya tshabang Modimo, ya sesefang bobe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Ho ne ho ena le monna e mong naheng ya Use, lebitso la hae e le Jobo. Monna eo o ne a lokile, a hloka kodi; a tshaba Modimo, a kgesa bobe.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 1:1
34 Referencias Cruzadas  

Bara ba Arame ke Utse, le Hule, le Getere, le Mashe.


Eitse ha Abrame e se e le motho ya dilemo tse mashome a robileng mono o le mong a metso e robileng mono o le mong, Jehova a iponahatsa ho Abrame, a re ho yena: Ke nna Modimo o matla wohle. Tsamaya pela ka, o be kgabane;


La re: Se ise letsoho la hao ho moshanyana, o se ke wa mo etsa letho; hobane jwale, ke a tseba hoba o tshaba Modimo, ha o sa ka wa nkganela le mora wa hao, ya mong ho wena.


Bara ba Dishane ke bana: Utse le Arane.


Ka tsatsi la boraro, Josefa a re ho bona: Etsang hona, le tle le phele; ke motho ya tshabang Modimo.


Ditaba tsa Nowe ke tsena: Nowe e ne e le motho ya lokileng, ya kgabane mehleng ya hae; mme Nowe o ne a tsamaya le Modimo.


Oho, Jehova, hopola hle kamoo ke tsamaileng pela hao kateng, ka nnete le ka pelo yohle, ka etsa ho leng hotle mahlong a hao. Mme Esekiase a lla haholo.


Bara ba Sema ke Elame, Assure, Arpaksade, Lude, Arame, Utse, Hule, Getere, le Mesheke.


Bara ba Etsere ke Bilhane, Saavane, le Jaakane. Bara ba Dishane ke Utse le Arane.


Jehova a re ho Satane: Na ha o a ka wa lemoha Jobo, mohlanka wa ka, na? Hobane ha ho motho ya jwaloka yena lefatsheng, ya tsamayang ka ho loka le ka bokgabane, ya tshabang Modimo, ya sesefang bobe.


Jehova a re ho Satane: Na o lemohile Jobo, mohlanka wa ka, na? Hobane ha ho ya jwaloka yena lefatsheng, ya tsamayang ka ho loka le ka bokgabane, ya tshabang Modimo, ya sesefang bobe; o sa tiiseditse tokeng ya hae, leha o ntlhohlelleditse ho mo etsa hampe feela.


Wa ntoo re ho motho: Bona, ho tshaba Morena ke bona bohlale; ho sesefa bobe ke yona kutlwisiso.


Borapedi ba hao na hase tshepo ya hao na? Na ha o itshepise ka ho hloka molato bophelong ba hao na?


Ho ba le molato, ha ke na wona; ha ke itlhokomele; bophelo ba ka ha ke re letho ka bona.


O ikgethele banna ba bohlale hara setjhaba, ba tshabang Modimo, banna ba sebele, ba ilang bokgonatha; o ba bee balaodi ba dikete, balaodi ba makgolo, balaodi ba mashome a mahlano le balaodi ba mashome.


Ya bohlale o na le tshabo, o sesefa bobe; empa ya thotofetseng o tlatselela feela, mme o a itshepa.


Ya tsamayang ka bokgabane o tshaba Jehova; empa ya kgopamisang ditsela tsa hae, o a mo nyedisa.


Mmila wa ba lokileng ke ho nena bobe, ya elang metsamao ya hae hloko o boloka moya wa hae.


Makgopo a phekolwa ke mohau le nnete, mme ke ka ho tshaba Jehova batho ba phemang bobe.


Ha motho a lokile, mme a tsamaya ho lokeng, ho lehlohonolo bana ba hae ba mo latelang!


O se ke wa ipona bohlale. Tshaba Jehova, o sesefe bobe.


Ho tshaba Jehova ke ho hloya bobe. Ke hloile boikgantsho le boikgohomoso, motsamao o mobe le molomo o kgopo;


le bajaki kaofela, le marena wohle a lefatshe la Utse, le marena kaofela a lefatshe la Bafilesta, le Ashkelone, le Gasa, le Ekrone, le ba setseng ba Ashdode;


Thaba, o nyakalle, moradi wa Edomo, ya ahileng lefatsheng la Utse; senwelo se tla fihla le ho wena, le wena o tahwe, o be o hlobole.


ha ho ne ho ka ba teng ho lona banna bao ba bararo, Nowe, le Daniele, le Jobo, haele bona, ba ne ba tla namolela meya ya bona, ka ho loka ha bona; ho rialo Morena Jehova.


Nowe, Daniele le Jobo ba ntse ba le ho lona, ka nna ya phelang, ho rialo Morena Jehova, ba ne ba ke ke ba namolela bara le baradi ba bona; haele bona, ba ne ba tla namolela meya ya bona ka ho loka ha bona.


Ba ne ba lokile pela Modimo ba babedi, ba tsamaya melaong yohle le ditaelong tsohle tsa Morena, ho se kamoo ba ka nyatsuwang kateng.


O be wa Jehova, Modimo wa hao, ka botho ba hao bohle.


Bonang, re rorisa lehlohonolo la ba mameletseng; le utlwile mamello ya Jobo, mme le bone tsa qetello ya Morena; hobane Morena o tletse mohau le lereko.


a kgelohe bobe, mme a etse ho molemo, a batle kgotso, a e phehelle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos