Hamane a ba bolella letlotlo la maruo a hae, le bongata ba bana ba hae, le tsohle tseo morena a mo phahamisitseng ka tsona, le kamoo a mo hodisitseng kateng, ho mmea e moholo wa mahosana le wa bahlanka ba morena.
Mme Jehova a hlohonolofatsa qetello ya Jobo ho fetisa qalo ya hae; a rua dinku tse dikete tse leshome le metso e mene, le dikamele tse dikete tse tsheletseng, le dipholo tse lekaneng dijoko tse sekete, le diesele tse sekete tse tshehadi.