Le iponele, le se ke la ba botswa tabeng eo; marena a ne a tla senyehelwa ka baka lang?
Daniele 6:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) a diswang ke mahosana a mararo ao Daniele e neng e le e nngwe ya wona, e leng ao marenana a tlang ho ikarabela ho wona, morena a tle a se ke a senyehelwa ke letho. BIBELE Kahodimo ho mahosana ana a bea baokamedi ba bararo, mme Daniele e ne e le e mong wa bona. Mahosana a ne a ikarabella ho bona, e le hore kgosi e se ke ya senyehelwa ke letho. |
Le iponele, le se ke la ba botswa tabeng eo; marena a ne a tla senyehelwa ka baka lang?
hobane ho rekisitswe ka nna le ka setjhaba sa heso hore re fediswe, re bolawe, re timeletswe. Hojane ebeba ho rekisitswe ka rona, hore re tle re etswe makgoba a banna le a basadi, nkabe ke kgutsitse; empa motshwenyi a ka sitwa ho lefa seo morena a tla senyehelwa ke sona.
Bo kakatletse bolelele ba ditshiu letsohong le letona, le menono le boholo letsohong le letshehadi.
Ha o fela o ka bala lengolo leno, wa ntsebisa taba tsa lona, o tla apeswa purepera, o rweswe lehlaahlela la kgauta molaleng wa hao, o bewe tulong ya boraro mmusong wa ka.
Yaba, ka taelo ya Belshatsare, Daniele o apeswa purepera, a rweswa lehlaahlela la kgauta molaleng, mme ha bolelwa pela hae hoba o tla dula tulong ya boraro ya mmuso.
Morena a howa ka matla hore dinohe di tliswe, le Bakalde le balepi ba dinaledi. Yaba, morena o bua, a re ho babohlale ba Babilona: Motho leha e le mang ya tla bala lengolo leo, ya tla nkwahollela lona, o tla apeswa purepera, a rweswe lehlaahlela la kgauta molaleng, a fuwe tulo ya boraro mmusong wa ka.
Ka baka leo, mmuso wa mahodimo o tshwana le morena ya ratileng ho hlahloba bahlanka ba hae.
Yaba o e bitsa, a re ho yona: Taba tseo tsa hao tseo ke di utlwang ke dife. Hlahisa tsa bolebedi ba hao; hobane o ke ke wa hlola o eba molebedi wa ntho tsa ka.
Ha ho le jwalo, Jehova, Modimo wa Iseraele, o re: Ke fela ke boletse hore ntlo ya hao le ntlo ya ntatao e tla nne e tsamaye pela ka kamehla; empa jwale, Jehova o re: Le ho leka; hobane ba ntlotlisang, le nna ke a ba tlotlisa; haele ba nnyedisang, ba tla nyediswa.