Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 4:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Efela se batlwang ho diabi, ke hoba se seng le se seng se fumanwe e le se tshepehang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Ho batlehang ke hore mookamedi ka mong a fumanwe a tshepahala.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 Hape, ho batloa ho batsamaisi, hore motho a fumanoe a tšepahala.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Hape, ho batloa ho batsamaisi, hore motho a fumanoe a tšepahala.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 4:2
17 Referencias Cruzadas  

Ba ne ba sa bale le banna bao ditjhelete tse bewang matsohong a bona, hore ba di nee ba sebetsang mosebetsi, kahobane ba ne ba etsa ka botshepehi.


Ba mpe ba se ke ba ballwa ditjhelete tse bewang matsohong a bona, kahobane ba etsa ka botshepehi.


Moromuwa e mobe o kudisa batho; empa moromuwa ya tshepehang o a fodisa.


Empa ha ho jwalo le mohlanka wa ka, Moshe; o tshepehile tlung ya ka kaofela;


Morena wa hae a re ho yena: Ke hantle, mohlanka ya molemo, ya kgabane; o bile kgabane dinthong di se kae, jwale ke tla o bea hodima tse ngata; kena thabong ya morena wa hao.


Morena wa hae a re ho yena: Ke hantle, mohlanka ya molemo, ya kgabane; o bile kgabane dinthong di se kae, jwale ke tla o bea hodima tse ngata; kena thabong ya morena wa hao.


Morena a re: Mohlahlobi ke ofe ya kgabane, ya bohlale, eo monga hae a mmeileng moalosi wa bahlanka ba hae, ho ba nea dijo tsa bona ka nako e tshwanelang?


Ha ho le jwalo, motho ka mong a ke a re tsebe hoba re bahlanka ba Kreste, le diabi tsa diphiri tsa Modimo.


Ke ka baka leo ke le rometseng Timothea, e leng mora wa ka ya ratwang, ya tshepehang Moreneng, hore a le hopotse dika tsa ka ho Kreste, kamoo ke rutang kateng, kahohle kerekeng e nngwe le e nngwe.


Mme haele ka nna, e ka ba nthwana e nyenyane ho ahlolwa ke lona, leha e le ka kahlolo ya batho; esita e le nna, ha ke ikahlole.


Jwale, haele ka taba ya barwetsana, teng ha ke na molao wa Morena; ke mpa ke hlahisa molomo wa ka, kamoo ke leng motho ya hauhetsweng ke Morena kateng, hore ke tshepehe.


Hobane ha re tshwane le ba bangata ba tswakang lentswe la Modimo; re ntse re bua re le ba nnete, re le ba buiswang ke Modimo, pontsheng ya Modimo, re le ho Kreste.


Empa re lahlile dintho tse patwang tse dihlong; mme ha re tsamaye ka mano, ha re tswakanye lentswe la Modimo, empa ka ho hlahisa nnete, re iketsetsa kemelo matswalong a batho bohle pela Modimo.


jwalokaha le rutilwe ke Epafrase, moratuwa le mong ka rona tshebeletsong, le mohlanka ya tshepehang wa Kreste hara lona;


E reng ho Arkipe: Tadima tshebetso eo o e abetsweng ke Morena, o tle o e phethe.


Tikike, ngwaneso ya ratehang, mohlanka ya tshepehang, mong ka nna tshebeletsong ya Morena, o tla le tsebisa kahohle kamoo taba tsa ka di dutseng kateng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos